Ezekiele 42:1 - BIBELE1 Yaba monna eo o nkisa lebaleng le kantle, ka nqa leboya, o mphihlisa dikamoreng tse tobaneng le lebala la Tempele le malebana le lerako le kantle, le ka leboya. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)1 Yaba o nntshetsa lebaleng le kantle, ka tsela e lebang ka nqa leboya, mme a nkisa dikamoreng tse mabapa le sebaka se feela, tse pela lerako ka nqa leboya. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Yaba monna eo o re ho nna: “Dikamore tse ka leboya le tse ka borwa, tse shebileng ka lebaleng la Tempele, ke dikamore tse halalelang tsa baprista ba atamelang ho Morena; ke moo ba tla jela teng dinyehelo tse halalelang ka ho fetisisa. Ke hona moo ba tla boloka dinyehelo tse halalelang ka ho fetisisa teng, e leng dinyehelo tsa koro, le dinyehelo tse etswang ka baka la sebe, le dinyehelo tsa tefelo ya melato, hobane ke sebaka se halalelang.