Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 41:26 - BIBELE

26 Ka mahlakoreng a lethule ho ne ho ena le difesetere tse tshesanyane, le ditshwantsho tsa difate tsa dipalema tse betlilweng ka lehlakoreng le leng le le leng. Dikamore tse kamathoko le tsona di ne di ena le lehong le tshekaladitsweng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Hape mahlakoreng a mathule, le dikamoreng tse mahlakoreng a ntlo, ho ne ho na le difensetere tse kwetsweng, tse nang le marulelonyana, le dipalema ka kwano le ka kwana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 41:26
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Maboteng a mabedi a shebaneng, ho ne ho ena le mela e meraro ya difesetere leboteng le leng le le leng. Difesetere tseo di ne di tobane hantle.


A etsa lethule ka ditshiya; bolelele ba lona e le dimethara tse mashome a mabedi a metso e mmedi, bophara e le dimethara tse leshome le metso e meraro le halofo.


Dikamore tsa balebedi, mmoho le marako a di arolang kahare ho kgoro, di ne di phethilwe ho potoloha hodimo ka difesetere tse tshesanyane; le lona lethule le le jwalo. Difesetere tsena, ho potoloha, di ne di bulehela kahare. Difahleho tsa marako a arolang dikamore tsa balebedi di ne di kgabisitswe ka ditshwantsho tsa difate tsa dipalema.


Yaba jwale o nkisa lethuleng la Tempele, o metha dikosene tsa monyako wa lethule. Kosene ka nngwe e ne e etsa dimethara tse pedi le halofo. Bophara ba monyako bo ne bo etsa dimethara tse supileng, mme lerako ka leng la wona le hohometse ka methara le halofo.


Le ne le etsa dimethara tse nne ka bolelele, dikosene tsa lona di etsa methara e le nngwe ka morumo. Lethule la kgoro le ne le shebane le Tempele.


le mehohoma e di potolohang ka boraro ba tsona, dintho tsohle tse ka nqane, mmoho le menyako, di ne di manehilwe ka lehong. Le ne le manehilwe ho tloha fatshe ho ya maboteng le difesetereng.


Monna eo a metha lerako la Tempele: Morumo wa lona e ne e le dimethara tse tharo. Bophara ba kamore ka nngwe ya tse potapotileng Tempele e ne e le dimethara tse pedi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ