Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 41:18 - BIBELE

18 ho ne ho betlilwe ditshwantsho tsa dikerubime le tsa difate tsa dipalema. Setshwantsho ka seng sa sefate sa palema se ne se le pakeng tsa dikerubime, le kerubime ka nngwe e le pakeng tsa difate tsa dipalema. Kerubime e nngwe le e nngwe e ne e ena le difahleho tse pedi:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Mme ho ne ho entswe dikerubime le dipalema; palema e le teng mahareng a dikerubime tse pedi; kerubime e ne e na le difahleho tse pedi;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 41:18
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hodima wona Solomone a betla ditshwantsho tsa dikerubime, le tsa dipalema, le tsa dithunthung, mme ditshwantsho tseo a di maneha kgauta.


Mamatjana ana a fapilweng ka dikosene a ne a kgabisitswe ka ditshwantsho tsa ditau, le tsa dipholo, le tsa dikerubime; le dikosene di ne di kgabisitswe jwalo. Dikoseneng tse kahodimo le tse katlase ho ditshwantsho tsa ditau le tsa dipholo, ho ne ho ena le mekgabiso e folletsweng.


Mamatjaneng le ditshehetsong ho ne ho betlilwe ditshwantsho tsa dikerubime, le tsa ditau, le tsa difate tsa dipalema, hohle moo sebaka se neng se le teng, mme ha potapotiswa le mekgabiso e folletsweng.


Mabota a Tempele a a maneha mapolanka a modutu, le wona a a kwahela ka kgauta a hlwekisitsweng. Hodima wona a etsa ditshwantsho tsa difate tsa dipalema, le meqhaka e lohilweng jwaloka ketane.


A maneha bokahare ba marulelo, le dikosene tsa menyako, le mabota, le mamati a Tempele ka kgauta, mme a etsa ditshwantsho tsa dikerubime maboteng.


Fahleho tsa tsona di ne di le tjena: Sebopuwa ka seng se ne se ena le sefahleho se kang sa motho, ka lehlakoreng le letona e le se kang sa tau, ka ho le letshehadi e le se kang sa poho, mme sebopuwa ka seng se ena le sefahleho se kang sa ntsu.


Kerubime ka nngwe e ne e ena le difahleho tse nne: sefahleho se seng e le sa kerubime, se seng e le sefahleho sa motho, se seng e le sefahleho sa tau, se seng e le sefahleho sa ntsu.


Kerubime ka nngwe e ne e ena le difahleho tse nne le mapheo a mane, mme katlasa mapheo a tsona ho ne ho ena le ntho e kang ke matsoho a motho.


Dikamore tsa balebedi, mmoho le marako a di arolang kahare ho kgoro, di ne di phethilwe ho potoloha hodimo ka difesetere tse tshesanyane; le lona lethule le le jwalo. Difesetere tsena, ho potoloha, di ne di bulehela kahare. Difahleho tsa marako a arolang dikamore tsa balebedi di ne di kgabisitswe ka ditshwantsho tsa difate tsa dipalema.


Difesetere tsa yona, le lethule la yona, le mekgabiso ya yona ya ditshwantsho tsa difate tsa dipalema, di ne di ena le ditekanyo tse lekanang le ditekanyo tsa kgoro e ka botjhabela. Ho ne ho nyolohelwa ho yona ka mehato e supileng e malebana le lethule la yona.


Hodima monyako o kenang ka Sehalalelong se kahare, le maboteng, bo potoloha kantle le kahare ho Sehalalelo,


Ho tloha fatshe ho ya fihla hodima monyako, ditshwantsho tsa dikerubime le tsa difate tsa dipalema di ne di betlilwe leboteng la Sehalalelo.


Hodima mamati a Sehalalelo ho ne ho betlilwe ditshwantsho tsa dikerubime le tsa difate tsa dipalema, tse tshwanang le tse betlilweng maboteng. Hodima monyako wa lethule ho ne ho tshekaladitswe lehong le letenya.


Kamorao ho tsena ka tadima, mme ka bona letshwelehadi leo ho neng ho se motho ya ka le balang. E ne e le ba mefuta yohle, le ba meloko yohle, le ba ditjhaba tsohle, le ba dipuo tsohle, ba eme kapele ho terone le kapele ho Konyana, ba apere diaparo tse tshweu, ba tshwere makala a dipalema matsohong a bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ