Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 41:13 - BIBELE

13 Yaba o metha Tempele: Bolelele ba yona e ne e le dimethara tse mashome a mahlano. Bolelele ba lebala la Tempele, le mohaho wa yona, mmoho le marako a yona, e ne e le dimethara tse mashome a mahlano.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 A ntoo lekanya ntlo, bolelele ya eba tswe tse lekgolo; le sebaka se feela, le moaho, le marako a wona, ya eba bolelele bo tswe tse lekgolo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 41:13
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba monna eo o metha lebala. Mahlakore a lona a ne a lekana, lehlakore ka leng le etsa dimethara tse mashome a mahlano. Aletare e ne e le kapele ho Tempele.


Bophara ba mohaho o shebaneng le lebala la Tempele ka lehlakoreng le ka bophirimela e ne e le dimethara tse mashome a mararo a metso e supileng le halofo. Morumo wa lerako la mohaho ona e ne e le dimethara tse pedi le halofo ho potoloha, mme bolelele ba lona e ne e le dimethara tse mashome a mane a metso e mehlano.


Bophara ba lebala la Tempele ka botjhabela, mmoho le sefahleho sa Tempele, e ne e le dimethara tse mashome a mahlano.


A metha bolelele ba mohaho o shebaneng le lebala le kamora Tempele, mmoho le mehohoma ya yona e ka lehlakoreng le leng le le leng: E ne e le dimethara tse mashome a mahlano. Sehalalelo, le Sehalalelo se halalelang ka ho fetisisa, le lethule le shebileng ka lebaleng,


Yaba monna eo o nkisa lebaleng le kantle, ka nqa leboya, o mphihlisa dikamoreng tse tobaneng le lebala la Tempele le malebana le lerako le kantle, le ka leboya.


Ka borwa, ho sika le lerako la lebala le kantle, e leng le kapele ho Tempele, ho ne ho ena le dikamore


Bolelele ba mohaho oo monyako wa wona o shebileng leboya, e ne e le dimethara tse mashome a mahlano, bophara bona e le dimethara tse mashome a mabedi a metso e mehlano.


Bolelele ba dikamore tsa lebala le kantle e ne e le dimethara tse mashome a mabedi a metso e mehlano, athe bolelele ba tse tobaneng le Tempele bona e ne e le dimethara tse mashome a mahlano.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ