Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 41:1 - BIBELE

1 Monna eo a nto nkisa ka Sehalalelong, a metha dikosene tsa monyako: Morumo wa marako ao kosene ka nngwe e haheletsweng ho wona, e ne e le dimethara tse tharo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Yaba o nkenya tempeleng, mme a lekanya ditshiya, di le bophara bo ditswe tse tsheletseng ka kwano, le bophara bo ditswe tse tsheletseng ka kwana, ho lekana le bophara ba tabernakele;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 41:1
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka selemo sa makgolo a mane le mashome a robedi bana ba Iseraele ba tswile Egepeta, ka kgwedi ya Motsheanong, e leng kgwedi ya bobedi selemong sa bone Solomone a busa naha ya Iseraele, Solomone a qala ho haha Tempele ya Morena.


Bolelele ba Tempele eo kgosi Solomone a neng a e hahela Morena e ne e le dimethara tse mashome a mabedi a metso e supileng, bophara e le dimethara tse robong, bophahamo e le dimethara tse leshome le metso e meraro le halofo.


Jwale monna eo a nkisa lebaleng le kantle. Teng ka bona dikamore tse ding, le tsela e katilweng ho potoloha lebala lena. Dikamore tse mashome a mararo di ne di sika le tsela ena e katilweng.


Le ne le etsa dimethara tse nne ka bolelele, dikosene tsa lona di etsa methara e le nngwe ka morumo. Lethule la kgoro le ne le shebane le Tempele.


Dikosene tsa monyako wa Sehalalelo di ne di lekana ka bophahamo le ka bophara. Kapele ho Sehalalelo se halalelang ka ho fetisisa, ho ne ho ena le ho kang


Tempele e ne e ena le lemati le karolo di pedi, le Sehalalelo se halalelang ka ho fetisisa se ne se ena le lemati le karolo di pedi.


Yaba o kena ka Sehalalelong se halalelang ka ho fetisisa, o metha dikosene tsa monyako: Morumo wa marako ao kosene ka nngwe e haheletsweng ho wona, e ne e le methara. Monyako wona o ne o etsa dimethara tse tharo ka bophara, mme morumo wa marako a kathoko a monyako wona o etsa dimethara tse tharo le halofo.


Yaba monna eo o nkisa lebaleng le kantle, ka nqa leboya, o mphihlisa dikamoreng tse tobaneng le lebala la Tempele le malebana le lerako le kantle, le ka leboya.


Tloong le le majwe a phelang, a sebediswang ho haha tempele ya moya. Le be baprista ba halalelang, ba nyehellang Modimo ka mahlabelo a moya, a amohelehang ho yena ka Jesu Kreste;


Lengeloi le neng le bua le nna le ne le tshwere leqala la kgauta le methang, le tle le methe motse, le dikgoro tsa wona, le lerako la wona.


Ka utlwa lentswe le phahameng, le tswang teroneng, le re: “Bona, leaho la Modimo ke leo hara batho. O tla aha le bona; bona e tla ba setjhaba sa hae, mme Modimo ka sebele a be le bona, e le Modimo wa bona.


“Ya hlolang ke tla mo etsa tshiya ka tempeleng ya Modimo wa ka, mme ha a ka ke a hlola a etswa ho yona. Hodima hae ke tla ngola lebitso la Modimo wa ka, le lebitso la motse wa Modimo wa ka, e leng Jerusalema e ntjha, e theohang lehodimong ho Modimo wa ka, le lebitso la ka le letjha.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ