Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 40:6 - BIBELE

6 Jwale monna eo a ya kgorong e shebileng botjhabela. A nyoloha ka mehato ya yona, a metha monyako wa yona: Bophara ba wona bo ne bo etsa dimethara tse tharo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Yaba o tla monyako o lebileng ka nqa Botjhabela, a nyoloha ka methatinyana ya wona, a lekanya mohato wa monyako, ya eba thupa e le nngwe ka bophara; mohato wa bobedi le wona ya eba thupa e le nngwe ka bophara.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 40:6
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Monyako wa solloro e katlasetlase o ne o le ka letsohong le letona la Tempele. Batho ba ne ba nyoloha ka mehato e itswapang ho ya kena sollorong ya bobedi, mme ba tswe ho eo ya bobedi, ba yo kena ho ya boraro.


Pele ho mona, ba ne ba lebela kgoro ya kgosi e ka botjhabela, e le bona ba lebelang kgoro ya diahelo tsa Balevi.


Balebedi ba menyako ba ne ba lebela mahlakore a mane, ke ho re ka botjhabela, le ka bophirimela, le ka leboya, le ka borwa.


Sadoke, mora wa Imere, a latela baprista, a tsosa lerako le tobaneng le ntlo ya hae. Shemaya, mora wa Shekaniya, molebedi wa Monyako o ka Botjhabela, a latela Sadoke, a tsosa lerako.


Modimo, wena thebe ya rona, ako tadime, o bone sefahleho, fahleho sa motlotsuwa wa hao.


O theohele ka Kgohlong ya Mora wa Hinome, e pela Monyako wa Mangetana. Ha o fihla teng o phatlalatse mantswe ana, ao ke tla o bolella wona,


Jwale tlotla ya Morena ya tloha monyako wa Tempele, ya ya ema kahodimo ho dikerubime.


Yaba Moya wa mphahamisa, o mphihlisa monyakong o ka botjhabela wa Tempele ya Morena, o tadimileng botjhabela. Hona moo monyako ho ne ho eme banna ba mashome a mabedi a metso e mehlano; hara bona ka bona Jaasaneya, mora wa Asure, le Pelatiya, mora wa Benaya, e leng baetapele ba setjhaba.


Jwale monna eo a metha bolelele le bophara ba kgoro e ka leboya, e tswelang lebaleng le kantle.


Difesetere tsa yona, le lethule la yona, le mekgabiso ya yona ya ditshwantsho tsa difate tsa dipalema, di ne di ena le ditekanyo tse lekanang le ditekanyo tsa kgoro e ka botjhabela. Ho ne ho nyolohelwa ho yona ka mehato e supileng e malebana le lethule la yona.


Yaba monna eo o nkisa lehlakoreng le ka borwa, mme ka bona kgoro e shebileng borwa. A metha dikosene tsa monyako wa yona le lethule la yona: Di ne di ena le ditekanyo tse lekanang le tsa dikgoro tse ding.


Ho ne ho nyolohelwa ho yona ka mehato e supileng, mme lethule la yona le ne le tobane le mehato ena. Ditshwantsho tsa difate tsa dipalema di ne di kgabisitse difahleho tsa marako a arolang dikamore tsa yona tsa balebedi, ka lehlakoreng le leng le le leng.


Yaba ke bona lerako le potapotileng Tempele. Bolelele ba leqala le methang, leo monna eo a neng a le tshwere, bo ne bo etsa dimethara tse tharo. A metha lerako lena: Morumo wa lona o ne o etsa dimethara tse tharo, le bophahamo ba lona bo etsa dimethara tse tharo.


Kamore ka nngwe ya dikamore tsa balebedi e ne e etsa dimethara tse tharo ka bolelele, le tse tharo ka bophara, mme morumo wa marako a di arolang e ne e le dimethara tse pedi le halofo. Monyako o pela lethule le tobaneng le Tempele o ne o etsa dimethara tse tharo ka bophara.


le mehohoma e di potolohang ka boraro ba tsona, dintho tsohle tse ka nqane, mmoho le menyako, di ne di manehilwe ka lehong. Le ne le manehilwe ho tloha fatshe ho ya maboteng le difesetereng.


Jwale ha a se a qetile ho metha Tempele kahare, a nkisa kantle ka kgoro e ka botjhabela, a metha setsha sa Tempele ho potoloha.


Yaba monna eo o nkisa kgorong e shebileng botjhabela.


Bolelele le bophara ba karolo e hare ya aletare le bona bo ne bo lekana, e le dimethara tse supileng, ho ena le mohaolwana o dintshing tsa aletare, bophahamo ba wona e le disenthimethara tse mashome a mabedi a metso e mehlano. Mehato e hlwellang aletareng e ne e le ka botjhabela.”


Mohla monyako wa bona o bang pela monyako wa ka, le dikosene tsa monyako wa bona di eba pela dikosene tsa monyako wa ka, ke arohantswe le bona ke lerako feela, ke mohla ba silafatsang lebitso la ka le halalelang, ba le silafatsa ka manyala ao ba a entseng. Kahoo ke ile ka ba timetsa ke halefile.


Yaba monna eo o nkgutlisetsa kgorong e kantle ho Sehalalelo, e shebileng botjhabela. Kgoro eo e ne e kwetswe.


Ha kgosana e etsetsa Morena nyehelo ya boithaopo, e ka ba nyehelo ya setjheso kapa nyehelo ya teboho, kgosana e tla bulelwa kgoro e ka botjhabela, ebe e etsa nyehelo ya setjheso le nyehelo ya yona ya teboho jwalokaha e etsa ka letsatsi la Sabatha. Ha e qetile e tla tswa, ebe kgoro e a kwalwa.’ ”


Yaba monna eo o nkgutlisetsa monyako wa Tempele, mme ka bona metsi a phalla, a etswa katlase ho monyako wa Tempele, a phallela botjhabela, kaha Tempele e ne e tadimile botjhabela. Metsi a ne a phalla a etswa katlasa lehlakore le ka borwa ho monyako wa Tempele, ka borwa ho aletare.


Yaba o nkenya ka lebaleng la Tempele ya Morena le kahare. Hona monyakong oo wa Tempele, pakeng tsa mathule a yona le aletare, ho ne ho ena le banna ba ka bang mashome a mabedi a metso e mehlano. Dikotlo tsa bona di ne di furaletse Tempele ya Morena, difahleho tsa bona di tadimile botjhabela. Ba ne ba kgumamela letsatsi le ka botjhabela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ