Ezekiele 40:5 - BIBELE5 Yaba ke bona lerako le potapotileng Tempele. Bolelele ba leqala le methang, leo monna eo a neng a le tshwere, bo ne bo etsa dimethara tse tharo. A metha lerako lena: Morumo wa lona o ne o etsa dimethara tse tharo, le bophahamo ba lona bo etsa dimethara tse tharo. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)5 Yaba ke bona lerako le potang ntlo kantle, mme letsohong la monna eo, ho ne ho na le thupa ya ho lekanya e ditswe tse tsheletseng, tswe se seng sa yona se ne se lekane le tswe se le seng sa tekanyo ya kgale se nang le seatla. A lekanya bophara ba lerako, e le thupa e le nngwe, le bophahamo ba lona, e le thupa e le nngwe. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Setsha seo a se metha ka mahlakoreng a mane. Ho ne ho ena le lerako le se potolohang, leo bolelele ba lona e neng e le dimethara tse makgolo a mabedi le mashome a mahlano, bophara ba lona e le dimethara tse makgolo a mabedi le mashome a mahlano, e le le arolang sebaka se halalelang ho se sa halaleleng.
“Tsena ke ditekanyo tsa aletare ka dimethara tseo ho methilweng Tempele ka tsona. Mosele o potapotileng aletare fatshe o ne o etsa botebo ba halofo ya methara le bophara ba halofo ya methara; bophara ba mohaolwana o potapotileng aletare bo ne bo etsa disenthimethara tse mashome a mabedi a metso e mehlano. Bona ke bophahamo ba aletare: