Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 40:48 - BIBELE

48 Yaba jwale o nkisa lethuleng la Tempele, o metha dikosene tsa monyako wa lethule. Kosene ka nngwe e ne e etsa dimethara tse pedi le halofo. Bophara ba monyako bo ne bo etsa dimethara tse supileng, mme lerako ka leng la wona le hohometse ka methara le halofo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

48 Yaba o nkenya mathuleng a ntlo; mme a lekanya ditshiya tsa mathule, ho na le tswe tse hlano ka kwano le tswe tse hlano ka kwana; a lekanya le bophara ba monyako, ya eba ditswe tse tharo ka kwano le ditswe tse tharo ka kwana;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 40:48
5 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bolelele ba lethule le kapele ho Tempele e ne e le dimethara tse nne le halofo, bophara ba lona e le dimethara tse robong, ho lekana le bophara ba Sehalalelo.


Bolelele ba lethule le kapele ho Tempele e ne e ka ba dimethara tse robong, bo lekana le bophara ba Tempele; bophahamo le bona e ka ba dimethara tse robong. Bokahare ba lethule a bo maneha kgauta e hlwekisitsweng.


Lemati le leng le le leng le ne le bulehela ka nqena le ka nqane.


Ka mahlakoreng a lethule ho ne ho ena le difesetere tse tshesanyane, le ditshwantsho tsa difate tsa dipalema tse betlilweng ka lehlakoreng le leng le le leng. Dikamore tse kamathoko le tsona di ne di ena le lehong le tshekaladitsweng.


Yaba o kena ka Sehalalelong se halalelang ka ho fetisisa, o metha dikosene tsa monyako: Morumo wa marako ao kosene ka nngwe e haheletsweng ho wona, e ne e le methara. Monyako wona o ne o etsa dimethara tse tharo ka bophara, mme morumo wa marako a kathoko a monyako wona o etsa dimethara tse tharo le halofo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ