Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 40:44 - BIBELE

44 Lebaleng le kahare, ho ne ho ena le dikamore tse pedi tsa dibini. E nngwe e ne e le pela kgoro e ka leboya, monyako wa yona o shebile borwa; e nngwe e le pela kgoro e ka borwa, monyako wa yona o shebile leboya.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

44 Kantle ho monyako o kahare, ho ne ho na le dikamore tsa dibini, lebaleng le kahare; e nngwe e ne e le kathoko ho monyako wa leboya, e tadimile nqa borwa; e nngwe e le kathoko ho monyako wa botjhabela, e tadimile nqa leboya.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 40:44
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kahare ho kgoro e ka botjhabela ho ne ho ena le dikamore tse tharo tsa balebedi ka lehlakoreng le leng le le leng: Boraro ba tsona di ne di lekana, difahleho tsa marako a di arolang ka lehlakoreng le leng le le leng le tsona di lekana.


Jwale monna eo a nkisa lebaleng le kantle. Teng ka bona dikamore tse ding, le tsela e katilweng ho potoloha lebala lena. Dikamore tse mashome a mararo di ne di sika le tsela ena e katilweng.


Kgoro e kenang ka lebaleng le kahare e ne e le ka leboya, jwalokaha e nngwe e ne e le ka botjhabela. Monna enwa a metha ho tloha kgorong e nngwe ho isa ho e shebaneng le yona: Bolelele ya eba dimethara tse mashome a mahlano.


Lebala le kahare le lona le ne le ena le kgoro e shebileng borwa. Monna eo a metha ho tloha kgorong ena ho ya fihla kgorong e kantle, e ka lehlakoreng le ka borwa: E ne e le dimethara tse mashome a mahlano.


Dikamore tsa yona tsa balebedi, le marako a di arolang, le lethule la yona, di ne di lekana le tse ding ka ditekanyo. Kgoro le lethule la yona di ne di ena le difesetere ho potoloha. Bolelele kaofela e ne e le dimethara tse mashome a mabedi a metso e mehlano, bophara bona e le dimethara tse leshome le metso e mmedi le halofo.


Haufi le lethule la kgoro e ka leboya, ho ne ho ena le kamore e nang le monyako, e le kamoo ho hlatswetswang diphoofolo tsa setjheso kateng.


Nama ya diphoofolo tsa nyehelo e ne e beilwe hodima ditafole, mme ho potapota ditafole tseo ho ne ho entswe mehaolwana e bophara ba dimilemethara tse mashome a supileng a metso e mehlano.


Kamore ka nngwe ya dikamore tsa balebedi e ne e etsa dimethara tse tharo ka bolelele, le tse tharo ka bophara, mme morumo wa marako a di arolang e ne e le dimethara tse pedi le halofo. Monyako o pela lethule le tobaneng le Tempele o ne o etsa dimethara tse tharo ka bophara.


Kgothatsanang ka dipesalema, difela le dipina tse halalelang; rokang Morena, mme le mminele dipesalema ka dipelong tsa lona.


Lentswe la Kreste le ahe ka ho lona ka menono yohle ya lona. Rutanang, mme le eletsane ka bohlale bohle. Ka dipelo tse tletseng teboho, binelang Modimo dipesalema, difela le dipina tse halalelang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ