Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 40:4 - BIBELE

4 Monna eo a re ho nna: “Wena ngwana motho, tadimisisa, o mamedisise, o ele hloko tsohle tseo ke tla o bontsha tsona, hobane o tlisitswe kwano hore ke tle ke o bontshe tsona. O tle o bolelle Baiseraele tsohle tseo o di bonang.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Monna eo a re ho nna: Mora motho, tadima ka mahlo a hao, o mamele ka ditsebe tsa hao, o ele tsohle tseo ke tla o bontsha tsona hloko; hobane ha o tlisitswe kwano, ke hore ke o bontshe tsona; o tle o tsebise ntlo ya Iseraele tsohle tseo o di bonang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 40:4
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Oho, tjhaba sa ka se ripitlilweng seotlong, jwaloka koro, ke le bolella seo ke se utlwileng, ke se utlwa ho Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele.


“Morena o bua tjena: Ema lebaleng la Tempele ya Morena, o bue ho bohle ba metse ya Juda, ba tlang ho tla rapella ka Tempeleng ya Morena. Ba bolelle mantswe wohle ao ke o laelang hore o ba bolelle wona, mme o se ke wa siya lentswe leha le le leng feela.


Lentswe la re ho nna: “Wena ngwana motho, ema ka maoto, mme ke tla bua le wena.”


La re ho nna: “Wena ngwana motho, ke o roma ho bana ba Iseraele, e leng setjhaba sa bafetohedi, se ileng sa mphetohela; sona le bo-ntata sona haesale se mphetohela ho fihlela kajeno.


“Wena ngwana motho, ke o entse molebedi wa ntlo ya Iseraele, ka baka leo, ha o utlwa lentswe le tswang molomong wa ka, o ba nee keletso ya ka.


“Wena ngwana motho, hlalosetsa Baiseraele tsa Tempele ena, dibe tsa bona di tle di ba hlabise dihlong. Etsa hore ba lekanye moralo wa yona.


Morena a re ho nna: “Wena ngwana motho, ela hloko, o tadimisise, mme o mamedisise tsohle tseo ke o bolellang tsona, e leng ditaelo tsohle tsa Tempele ya Morena, le melao yohle ya yona. Ela hloko hore na ke bo-mang ba dumeletsweng ho kena ka Tempeleng, le ka Sehalalelong, le ba sa dumellwang ho etsa jwalo.


Yaba o re ho nna: “Wena ngwana motho, na tsee o a di bona?” Jwale a nkgutlisetsa lebopong la noka.


Seo ke le bolellang sona lefifing, le se phete leseding; seo le se utlwang le se nyenyeletswa, le se phatlalatse le le hodima dihlohlolo.


hobane ha ke a ka ka tshaba letho, ke le phatlalleditse thato yohle ya Modimo.


Nna ke amohetse ho Morena seo ke le neileng sona, e leng hore, ka bosiu boo Morena Jesu a ileng a ekwa ka bona, o ile a nka bohobe,


a re ho bona: “Bolokang mantswe ana wohle ao ke le boleletseng wona kajeno, le laele bana ba lona ho a hlokomela, le ho phetha dipallo tsa Molao ona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ