Ezekiele 40:39 - BIBELE39 Kahare ho lethule la kgoro ho ne ho ena le ditafole tse pedi ka lehlakoreng lena, le ditafole tse pedi ka lehlakoreng lane, e le moo ho hlabelwang diphoofolo tsa nyehelo ya setjheso teng, tsa nyehelo ya sebe, le tsa nyehelo ya tefelo. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)39 Hape, mathuleng a monyako, ho ne ho na le tafole tse pedi ka kwano, le tafole tse pedi ka kwana, ho hlabela ho tsona ditjheso le mahlabelo a sebe le a melato. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Ho ne ho ena le ditafole tse nne tse hahilweng ka majwe a betlilweng, e le tseo ho lokisetswang nyehelo ya setjheso hodima tsona. Bolelele ba e nngwe le e nngwe e ne e le disenthimethara tse mashome a supileng a metso e mehlano, bophara le bona e le disenthimethara tse mashome a supileng a metso e mehlano, bophahamo bona e le disenthimethara tse mashome a mahlano. Hodima ditafole tsena ho ne ho beilwe tsohle tse sebediswang ha ho hlajwa diphoofolo tsa nyehelo ya setjheso le tsa mahlabelo a mang.
Yaba monna eo o re ho nna: “Dikamore tse ka leboya le tse ka borwa, tse shebileng ka lebaleng la Tempele, ke dikamore tse halalelang tsa baprista ba atamelang ho Morena; ke moo ba tla jela teng dinyehelo tse halalelang ka ho fetisisa. Ke hona moo ba tla boloka dinyehelo tse halalelang ka ho fetisisa teng, e leng dinyehelo tsa koro, le dinyehelo tse etswang ka baka la sebe, le dinyehelo tsa tefelo ya melato, hobane ke sebaka se halalelang.
“Ha motho a etsa sebe e se ka morero, dinthong tse halalelang tsa Morena, o tla tlisetsa Morena nyehelo e tlosang molato, e be pheleu e se nang sepha, e tswang mohlapeng wa hae. Ke wena ya tla lekanya theko ya yona, e be silefera e boima ba dikeramo tse leshome le motso o le mong le halofo tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong, bakeng sa nyehelo e tlosang molato.