Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 40:36 - BIBELE

36 Dikamore tsa yona tsa balebedi, le marako a di arolang, le lethule la yona, le difesetere tse e potapotileng, tsena le tsona di ne di lekana le tse ding. Bolelele ba kgoro e ne e le dimethara tse mashome a mabedi a metso e mehlano, bophara e le dimethara tse leshome le metso e mmedi le halofo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

36 Difensetere di le teng monyakong oo kahohle, ka nqa tsohle; bolelele bo le tswe tse mashome a mahlano, bophara bo le tswe tse mashome a mabedi a metso e mehlano.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 40:36
5 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Maboteng a mabedi a shebaneng, ho ne ho ena le mela e meraro ya difesetere leboteng le leng le le leng. Difesetere tseo di ne di tobane hantle.


Dikamore tsa balebedi, mmoho le marako a di arolang kahare ho kgoro, di ne di phethilwe ho potoloha hodimo ka difesetere tse tshesanyane; le lona lethule le le jwalo. Difesetere tsena, ho potoloha, di ne di bulehela kahare. Difahleho tsa marako a arolang dikamore tsa balebedi di ne di kgabisitswe ka ditshwantsho tsa difate tsa dipalema.


Dikamore tse tharo tsa balebedi, tse ka lehlakoreng le leng le le leng la tsela, le marako a di arolang, le lethule, tsena di ne di lekana le tsa kgoro e ka botjhabela. Bolelele ba kgoro ena e ne e le dimethara tse mashome a mabedi a metso e mehlano, bophara bona e le dimethara tse leshome le metso e mmedi le halofo.


Dikamore tsa yona tsa balebedi, le marako a di arolang, le lethule la yona, di ne di lekana le tse ding ka ditekanyo. Kgoro le lethule la yona di ne di ena le difesetere ho potoloha. Bolelele kaofela e ne e le dimethara tse mashome a mabedi a metso e mehlano, bophara bona e le dimethara tse leshome le metso e mmedi le halofo.


Kamore ka nngwe ya dikamore tsa balebedi e ne e etsa dimethara tse tharo ka bolelele, le tse tharo ka bophara, mme morumo wa marako a di arolang e ne e le dimethara tse pedi le halofo. Monyako o pela lethule le tobaneng le Tempele o ne o etsa dimethara tse tharo ka bophara.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ