Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 40:3 - BIBELE

3 A nkatametsa pela motse, mme ka bona monna eo sebopeho sa hae e neng e ka se bopilwe ka lethose. O ne a eme kgorong, ka letsohong la hae a tshwere kgwele ya lene, le leqala le methang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 A ntlisa hona teng; teng ka bona monna eo ponahalo ya hae e neng e ka ponahalo ya koporo, a tshwere kgwele ya line letsohong la hae le thupa ya ho lekanya, a eme monyako.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 40:3
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Toka e tla ba kgwele e lekanyang, ho loka e be kgwele e otlollang; sefako se tla hohola tshabelo sa mashano, metsi a kwahele baka tsa ho ipata.”


Hlahlobang molao le bopaki ba ka! Haeba ba sa bue ho ya ka dipolelo tsena, ke hobane ha ho na lesedi le ba tjhabelang.


Ho tloha lethekeng la hae ho ya hodimo ka bona ho kang lethose le hlenneng, le hara mollo; ho tloha thekeng ho ya tlase, motho eo a ka mollo, kganya e phatsimang e mo etseditse serakwe.


Meomo ya tsona e ne e otlolohile; bohato ba maoto a tsona bo ka tlhako ya namane. A ne a phatsima jwaloka lethose le hlakodisitsweng.


Monna eo a nto nkisa ka Sehalalelong, a metha dikosene tsa monyako: Morumo wa marako ao kosene ka nngwe e haheletsweng ho wona, e ne e le dimethara tse tharo.


A metha lehlakore le ka botjhabela ka leqala le methang, mme lehlakore lena le ne le etsa dimethara tse makgolo a mabedi le mashome a mahlano.


Ha monna eo a ntse a eme pela ka, ka utlwa e mong a bua le nna a le ka Tempeleng.


Monna eo a leba botjhabela, ka letsohong la hae a tshwere kgwele e methang. Yaba o metha dimethara tse makgolo a mahlano, a nto ntshedisa metsing a neng a fihla maqaqailaneng.


Ha ke tadima ka bona ntho e kang motho. Ho tloha thekeng ho ya tlase o ne a ka mollo. Ho tloha thekeng ho ya hodimo o ne a kganya jwaloka lethose le hlakodisitsweng.


Maoto a hae a ne a benya jwaloka lethose le hlwekisitsweng seboping. Lentswe la hae le ne le le jwaloka modumo wa metsi a lewatle.


Jwale ka newa leqala le kang thupa e methang, mme ha thwe ho nna: “Ema, o methe tempele ya Modimo le aletare, mme o bale ba mo kgumamelang ka ho yona.


Lengeloi le neng le bua le nna le ne le tshwere leqala la kgauta le methang, le tle le methe motse, le dikgoro tsa wona, le lerako la wona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ