Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 40:27 - BIBELE

27 Lebala le kahare le lona le ne le ena le kgoro e shebileng borwa. Monna eo a metha ho tloha kgorong ena ho ya fihla kgorong e kantle, e ka lehlakoreng le ka borwa: E ne e le dimethara tse mashome a mahlano.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Hape, monyako o mong o ne o le teng lebaleng le kahare ka nqa borwa. A lekanya sebaka ho tloha monyakong o mong ho isa monyakong o mong, ka nqa borwa, se le ditswe tse lekgolo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 40:27
6 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba o metha bophara ho tloha kahare ho kgoro e katlase ho ya kantle ho lebala le kahare: Bolelele e ne e le dimethara tse mashome a mahlano ka lehlakoreng le ka botjhabela le ka ho le ka leboya.


Kgoro e kenang ka lebaleng le kahare e ne e le ka leboya, jwalokaha e nngwe e ne e le ka botjhabela. Monna enwa a metha ho tloha kgorong e nngwe ho isa ho e shebaneng le yona: Bolelele ya eba dimethara tse mashome a mahlano.


Monna eo a nto nkisa lebaleng le kahare, le ka nqa botjhabela, mme a metha kgoro. E ne e ena le ditekanyo tse lekanang le tsa dikgoro tse ding.


Jwale monna enwa a nkisa kgorong e ka leboya, mme a e metha. E ne e ena le ditekanyo tse lekanang le tsa dikgoro tse ding.


Lebaleng le kahare, ho ne ho ena le dikamore tse pedi tsa dibini. E nngwe e ne e le pela kgoro e ka leboya, monyako wa yona o shebile borwa; e nngwe e le pela kgoro e ka borwa, monyako wa yona o shebile leboya.


Yaba monna eo o metha lebala. Mahlakore a lona a ne a lekana, lehlakore ka leng le etsa dimethara tse mashome a mahlano. Aletare e ne e le kapele ho Tempele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ