Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 40:25 - BIBELE

25 Kgoro le lethule la yona di ne di ena le difesetere ho potoloha, jwaloka difesetere tsa dikgoro tse ding. Bolelele ba kgoro e ne e le dimethara tse mashome a mabedi a metso e mehlano, bophara ba yona e le dimethara tse leshome le metso e mmedi le halofo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Monyako oo le marako a wona di ne di na le difensetere kahohle, ka nqa tsohle, jwaloka difensetere tse ding. Bolelele ba monyako e ne e le tswe tse mashome a mahlano, bophara e le tswe tse mashome a mabedi a metso e mehlano.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 40:25
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Maboteng a mabedi a shebaneng, ho ne ho ena le mela e meraro ya difesetere leboteng le leng le le leng. Difesetere tseo di ne di tobane hantle.


Dikamore tsa balebedi, mmoho le marako a di arolang kahare ho kgoro, di ne di phethilwe ho potoloha hodimo ka difesetere tse tshesanyane; le lona lethule le le jwalo. Difesetere tsena, ho potoloha, di ne di bulehela kahare. Difahleho tsa marako a arolang dikamore tsa balebedi di ne di kgabisitswe ka ditshwantsho tsa difate tsa dipalema.


Dikamore tsa yona tsa balebedi, le marako a di arolang, le lethule la yona, di ne di lekana le tse ding ka ditekanyo. Kgoro le lethule la yona di ne di ena le difesetere ho potoloha. Bolelele kaofela e ne e le dimethara tse mashome a mabedi a metso e mehlano, bophara bona e le dimethara tse leshome le metso e mmedi le halofo.


Dikamore tsa yona tsa balebedi, le marako a yona a di arolang, le lethule la yona, di ne di lekana le tse ding ka ditekanyo. Kgoro le lethule la yona di ne di ena le difesetere ho potoloha. Bolelele kaofela e ne e le dimethara tse mashome a mabedi a metso e mehlano, bophara bona e le dimethara tse leshome le metso e mmedi le halofo.


le mehohoma e di potolohang ka boraro ba tsona, dintho tsohle tse ka nqane, mmoho le menyako, di ne di manehilwe ka lehong. Le ne le manehilwe ho tloha fatshe ho ya maboteng le difesetereng.


Nna ke tlile lefatsheng ke le lesedi, hore mang le mang ya dumelang ho nna a se ke a ba lefifing.


Hajwale re bona ka seipone, ka lerootho, empa mohlang oo re tla bona jwalokaha difahleho di tadimane. Hajwale ke tseba ka mokgwa o sa phethahalang, empa mohlang oo ke tla tseba jwalokaha Modimo a ntseba.


Re bile re na le lentswe la baporofeta, le tshepahalang haholo, leo e ka bang hantle hore le le ele hloko, hobane le jwaloka lebone le kganyang lefifing, ho fihlela mesong ya Letsatsi lela, mohla Mphatlalatsane e tjhabelang dipelong tsa lona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ