Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 40:22 - BIBELE

22 Difesetere tsa yona, le lethule la yona, le mekgabiso ya yona ya ditshwantsho tsa difate tsa dipalema, di ne di ena le ditekanyo tse lekanang le ditekanyo tsa kgoro e ka botjhabela. Ho ne ho nyolohelwa ho yona ka mehato e supileng e malebana le lethule la yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 a lekanya le difensetere tsa wona, le mathule a wona, le dipalema tsa wona, ho ya ka tekanyo ya monyako o lebileng ka nqa botjhabela. Ho ne ho nyolohelwa teng ka methatinyana e supileng, eo pela yona ho neng ho na le mathule a wona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 40:22
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Maboteng wohle a Tempele le a Sehalalelo, ho a potapota, a betla ditshwantsho tsa dikerubime, le tsa difate tsa dipalema, le tsa dithunthung.


Mamati a mabedi ao le wona a ne a entswe ka sefate sa mohlwaare; hodima wona Solomone a betla ditshwantsho tsa dikerubime, le tsa difate tsa dipalema, le tsa dithunthung. Hodima mamati ao, le hodima ditshwantsho tsa dikerubime le tsa difate tsa dipalema, a maneha kgauta.


Hodima wona Solomone a betla ditshwantsho tsa dikerubime, le tsa dipalema, le tsa dithunthung, mme ditshwantsho tseo a di maneha kgauta.


Mamatjaneng le ditshehetsong ho ne ho betlilwe ditshwantsho tsa dikerubime, le tsa ditau, le tsa difate tsa dipalema, hohle moo sebaka se neng se le teng, mme ha potapotiswa le mekgabiso e folletsweng.


Maboteng a mabedi a shebaneng, ho ne ho ena le mela e meraro ya difesetere leboteng le leng le le leng. Difesetere tseo di ne di tobane hantle.


Mabota a Tempele a a maneha mapolanka a modutu, le wona a a kwahela ka kgauta a hlwekisitsweng. Hodima wona a etsa ditshwantsho tsa difate tsa dipalema, le meqhaka e lohilweng jwaloka ketane.


Dikamore tsa balebedi, mmoho le marako a di arolang kahare ho kgoro, di ne di phethilwe ho potoloha hodimo ka difesetere tse tshesanyane; le lona lethule le le jwalo. Difesetere tsena, ho potoloha, di ne di bulehela kahare. Difahleho tsa marako a arolang dikamore tsa balebedi di ne di kgabisitswe ka ditshwantsho tsa difate tsa dipalema.


Kgoro le lethule la yona di ne di ena le difesetere ho potoloha, jwaloka difesetere tsa dikgoro tse ding. Bolelele ba kgoro e ne e le dimethara tse mashome a mabedi a metso e mehlano, bophara ba yona e le dimethara tse leshome le metso e mmedi le halofo.


Ho ne ho nyolohelwa ho yona ka mehato e supileng, mme lethule la yona le ne le tobane le mehato ena. Ditshwantsho tsa difate tsa dipalema di ne di kgabisitse difahleho tsa marako a arolang dikamore tsa yona tsa balebedi, ka lehlakoreng le leng le le leng.


Dikamore tsa yona tsa balebedi, le marako a di arolang, le lethule la yona, di ne di lekana le tse ding ka ditekanyo. Kgoro le lethule la yona di ne di ena le difesetere ho potoloha. Bolelele kaofela e ne e le dimethara tse mashome a mabedi a metso e mehlano, bophara bona e le dimethara tse leshome le metso e mmedi le halofo.


Lethule la yona le ne le shebile lebaleng le kantle; ditshwantsho tsa difate tsa dipalema di ne di kgabisitse dikosene tsa monyako wa yona, mme mehato e nyolohelang kgorong e ne e le robedi.


Lethule la yona le ne le shebile lebaleng le kantle, ditshwantsho tsa difate tsa dipalema di ne di kgabisitse dikosene tsa monyako wa yona, mme mehato e nyolohelang kgorong e le robedi.


Lethule la yona le ne le shebile lebaleng le kantle, ditshwantsho tsa difate tsa dipalema di ne di kgabisitse dikosene tsa monyako wa yona, mme mehato e nyolohelang kgorong e le robedi.


Bolelele ba lethule e ne e le dimethara tse leshome, le hohomeletse hare ka dimethara tse tsheletseng. Ho ne ho nyolohelwa monyako ka mehato, ho ena le ditshiya tse pedi, e nngwe ka lehlakoreng lena, e nngwe ka lehlakoreng lane la monyako.


Jwale monna eo a ya kgorong e shebileng botjhabela. A nyoloha ka mehato ya yona, a metha monyako wa yona: Bophara ba wona bo ne bo etsa dimethara tse tharo.


Jwale a re tloheleng thuto eo ho qalwang ka yona ya Kreste, re fetele pele ho tse phethehileng, tsa batho ba baholo. Re se ke ra boela ra kgutlela motheong: E leng ho furalla mesebetsi e isang timelong, ho dumela ho Modimo,


Kamorao ho tsena ka tadima, mme ka bona letshwelehadi leo ho neng ho se motho ya ka le balang. E ne e le ba mefuta yohle, le ba meloko yohle, le ba ditjhaba tsohle, le ba dipuo tsohle, ba eme kapele ho terone le kapele ho Konyana, ba apere diaparo tse tshweu, ba tshwere makala a dipalema matsohong a bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ