Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 40:17 - BIBELE

17 Jwale monna eo a nkisa lebaleng le kantle. Teng ka bona dikamore tse ding, le tsela e katilweng ho potoloha lebala lena. Dikamore tse mashome a mararo di ne di sika le tsela ena e katilweng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Yaba o nkisa lebaleng le kantle, mme ka bona dikamore, ka bona le mokato wa majwe o entsweng lebaleng ho le teela hare; ho ne ho ena le dikamore tse mashome a mararo tse neng di teana le mokato oo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 40:17
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kantle ho Tempele a haha dikamore tse nang le disolloro tse tharo, tse hlomathisitsweng marakong a Tempele ho e potapota.


A tlosa dipere tseo dikgosi tsa Juda di neng di di abetse letsatsi, tse neng di le monyako wa Tempele ya Morena, pela kamore ya Nathane-Meleke wa lehaole, mohlanka wa kgosi. Kamore ena e ne e le lebaleng la Tempele. Kgosi ya tjhesa dikariki tsa ntwa, tse neng di etseditswe letsatsi.


Mosebetsi wa bona e ne e le ho thusa ditloholo tsa Arone ha di sebeletsa ka Tempeleng ya Morena, le mabaleng a yona, le ka dikamoreng tsa yona, le ka ho hlwekisa dintho tsohle tse halalelang, le ka ho etsa mosebetsi ofe kapa ofe wa Tempele ya Morena.


Balebedi ba menyako ba bane, ba baholo, bao e neng e le Balevi, ba ne ba hlokomela dikamore, le matlole a Tempele ya Modimo.


Jwale Hesekiya a laela hore ho lokiswe matlo a polokelo ka Tempeleng ya Morena, mme ba a lokisa.


“O tla etsetsa leaho leo seotlwana. Ka lehlakoreng le leng, le ka nqeng ya borwa, seotlwana se tla ba le masela a lepeletseng, a lene, a loehileng, a bolelele ba dimethara tse mashome a mane a metso e mene.


Modumo wa mapheo a dikerubime o ne o utlwahala ho ya fihla lebaleng le kantle, o tshwana le lentswe la Modimo ya matla wohle ha a bua.


Tsela ena e ne e sika le mahlakore a kgoro, mme bophara ba yona bo ne bo lekana le bolelele ba wona. E ne e le tsela e katilweng, e katlase.


Haufi le lethule la kgoro e ka leboya, ho ne ho ena le kamore e nang le monyako, e le kamoo ho hlatswetswang diphoofolo tsa setjheso kateng.


Lebaleng le kahare, ho ne ho ena le dikamore tse pedi tsa dibini. E nngwe e ne e le pela kgoro e ka leboya, monyako wa yona o shebile borwa; e nngwe e le pela kgoro e ka borwa, monyako wa yona o shebile leboya.


Yaba monna eo o re ho nna: “Kamore e shebileng borwa ke ya baprista ba sebeletsang ka Tempeleng,


athe kamore e shebileng leboya yona ke ya baprista ba sebeletsang aletareng. Bona ke Balevi, ditloholo tsa Sadoke, bao e leng bona feela ba ka atamelang pela Morena ho mo sebeletsa.”


le dikamore tsa baprista, e ne e le dimethara tse leshome ho potoloha Tempele.


Dikamore tsona di ne di hahilwe ka disolloro, mme sollorong e nngwe le e nngwe ho ne ho ena le dikamore tse mashome a mararo. Ho ne ho ena le ditshehetso lerakong la Tempele, ho tshehetsa dikamore tse kathoko; feela ditshehetso di ne di sa hahellwa lerakong la Tempele.


Yaba monna eo o nkisa lebaleng le kantle, ka nqa leboya, o mphihlisa dikamoreng tse tobaneng le lebala la Tempele le malebana le lerako le kantle, le ka leboya.


Ka borwa, ho sika le lerako la lebala le kantle, e leng le kapele ho Tempele, ho ne ho ena le dikamore


Kapele ho lebala le kantle, le etsang bophara ba dimethara tse leshome, le kapele ho tsela e katilweng ya lebala le kantle, ho ne ho ena le mehohoma e disollorong tse tharo.


Kapele ho dikamore ho ne ho ena le tsela e phunyeletsang, bophara ba yona e le dimethara tse hlano, bolelele e le dimethara tse mashome a mahlano. Menyako ya dikamore tsena e ne e le ka leboya.


Yaba monna eo o nkgutlisetsa kgorong e kantle ho Sehalalelo, e shebileng botjhabela. Kgoro eo e ne e kwetswe.


Karolo e nngwe e bolelele ba dikilomethara tse mashome a mabedi a metso e mehlano, le bophara ba dikilomethara tse hlano, e tla ba ya Balevi ba sebeletsang ka Tempeleng. Ke ya bona, ke moo ba tla haha metse ya bona teng.


A nkisa lebaleng le kantle, a mpotisa le dihuku tse nne tsa lona, mme hukung e nngwe le e nngwe ka bona lebala.


Empa ha e le lebala le kantle ho tempele o le tlohele, o se ke wa le metha, hobane le tloheletswe baditjhaba, ba tlang ho hatakela motse o halalelang ka dikgwedi tse mashome a mane a metso e mmedi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ