Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 40:16 - BIBELE

16 Dikamore tsa balebedi, mmoho le marako a di arolang kahare ho kgoro, di ne di phethilwe ho potoloha hodimo ka difesetere tse tshesanyane; le lona lethule le le jwalo. Difesetere tsena, ho potoloha, di ne di bulehela kahare. Difahleho tsa marako a arolang dikamore tsa balebedi di ne di kgabisitswe ka ditshwantsho tsa difate tsa dipalema.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Dikamoreng tsa balebedi ho ne ho na le difensetere tse kwetsweng, di eme ditshiyeng tsa tsona kahare, di teetse monyako hare ka nqa tsohle: ho jwalo le marakong. Difensetere tseo di ne di le ka nqa tsohle, ka nqa kahare; mme ditshiya di ne di na le dipalema.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 40:16
29 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Maboteng wohle a Tempele le a Sehalalelo, ho a potapota, a betla ditshwantsho tsa dikerubime, le tsa difate tsa dipalema, le tsa dithunthung.


Mamati a mabedi ao le wona a ne a entswe ka sefate sa mohlwaare; hodima wona Solomone a betla ditshwantsho tsa dikerubime, le tsa difate tsa dipalema, le tsa dithunthung. Hodima mamati ao, le hodima ditshwantsho tsa dikerubime le tsa difate tsa dipalema, a maneha kgauta.


Hodima wona Solomone a betla ditshwantsho tsa dikerubime, le tsa dipalema, le tsa dithunthung, mme ditshwantsho tseo a di maneha kgauta.


Tempele ena a e etsetsa difesetere tse nang le lesira la mapolanka.


Maboteng a mabedi a shebaneng, ho ne ho ena le mela e meraro ya difesetere leboteng le leng le le leng. Difesetere tseo di ne di tobane hantle.


Mabota a Tempele a a maneha mapolanka a modutu, le wona a a kwahela ka kgauta a hlwekisitsweng. Hodima wona a etsa ditshwantsho tsa difate tsa dipalema, le meqhaka e lohilweng jwaloka ketane.


Ba ntaletseng ke ba tadima ka tello, ke utlwa diboko tsa ba kgopo ba ntsohelang matla.


Kapele ho kamore e nngwe le e nngwe ya balebedi ho ne ho ena le lerako le etsang halofo ya methara ka bophahamo; bolelele le bophara ba dikamore tsena bo ne bo lekana, e le dimethara tse tharo.


Bolelele ba ho tloha monyako wa kgoro ho ya fihla motsheo ho lethule la yona, e ne e le dimethara tse mashome a mabedi a metso e mehlano.


Kgoro le lethule la yona di ne di ena le difesetere ho potoloha, jwaloka difesetere tsa dikgoro tse ding. Bolelele ba kgoro e ne e le dimethara tse mashome a mabedi a metso e mehlano, bophara ba yona e le dimethara tse leshome le metso e mmedi le halofo.


Ho ne ho nyolohelwa ho yona ka mehato e supileng, mme lethule la yona le ne le tobane le mehato ena. Ditshwantsho tsa difate tsa dipalema di ne di kgabisitse difahleho tsa marako a arolang dikamore tsa yona tsa balebedi, ka lehlakoreng le leng le le leng.


Dikamore tsa yona tsa balebedi, le marako a di arolang, le lethule la yona, di ne di lekana le tse ding ka ditekanyo. Kgoro le lethule la yona di ne di ena le difesetere ho potoloha. Bolelele kaofela e ne e le dimethara tse mashome a mabedi a metso e mehlano, bophara bona e le dimethara tse leshome le metso e mmedi le halofo.


Mathule a dikgoro, ho potoloha lebala le kahare, a ne a etsa bolelele ba dimethara tse leshome le metso e mmedi le halofo, le bophara ba dimethara tse pedi le halofo.


Lethule la yona le ne le shebile lebaleng le kantle; ditshwantsho tsa difate tsa dipalema di ne di kgabisitse dikosene tsa monyako wa yona, mme mehato e nyolohelang kgorong e ne e le robedi.


Dikamore tsa yona tsa balebedi, le marako a yona a di arolang, le lethule la yona, di ne di lekana le tse ding ka ditekanyo. Kgoro le lethule la yona di ne di ena le difesetere ho potoloha. Bolelele kaofela e ne e le dimethara tse mashome a mabedi a metso e mehlano, bophara bona e le dimethara tse leshome le metso e mmedi le halofo.


Lethule la yona le ne le shebile lebaleng le kantle, ditshwantsho tsa difate tsa dipalema di ne di kgabisitse dikosene tsa monyako wa yona, mme mehato e nyolohelang kgorong e le robedi.


Dikamore tsa yona tsa balebedi, le marako a di arolang, le lethule la yona, le difesetere tse e potapotileng, tsena le tsona di ne di lekana le tse ding. Bolelele ba kgoro e ne e le dimethara tse mashome a mabedi a metso e mehlano, bophara e le dimethara tse leshome le metso e mmedi le halofo.


Lethule la yona le ne le shebile lebaleng le kantle, ditshwantsho tsa difate tsa dipalema di ne di kgabisitse dikosene tsa monyako wa yona, mme mehato e nyolohelang kgorong e le robedi.


Kamore ka nngwe ya dikamore tsa balebedi e ne e etsa dimethara tse tharo ka bolelele, le tse tharo ka bophara, mme morumo wa marako a di arolang e ne e le dimethara tse pedi le halofo. Monyako o pela lethule le tobaneng le Tempele o ne o etsa dimethara tse tharo ka bophara.


ho ne ho betlilwe ditshwantsho tsa dikerubime le tsa difate tsa dipalema. Setshwantsho ka seng sa sefate sa palema se ne se le pakeng tsa dikerubime, le kerubime ka nngwe e le pakeng tsa difate tsa dipalema. Kerubime e nngwe le e nngwe e ne e ena le difahleho tse pedi:


Hodima mamati a Sehalalelo ho ne ho betlilwe ditshwantsho tsa dikerubime le tsa difate tsa dipalema, tse tshwanang le tse betlilweng maboteng. Hodima monyako wa lethule ho ne ho tshekaladitswe lehong le letenya.


Ka mahlakoreng a lethule ho ne ho ena le difesetere tse tshesanyane, le ditshwantsho tsa difate tsa dipalema tse betlilweng ka lehlakoreng le leng le le leng. Dikamore tse kamathoko le tsona di ne di ena le lehong le tshekaladitsweng.


Yaba o kena ka Sehalalelong se halalelang ka ho fetisisa, o metha dikosene tsa monyako: Morumo wa marako ao kosene ka nngwe e haheletsweng ho wona, e ne e le methara. Monyako wona o ne o etsa dimethara tse tharo ka bophara, mme morumo wa marako a kathoko a monyako wona o etsa dimethara tse tharo le halofo.


Kapele ho lebala le kantle, le etsang bophara ba dimethara tse leshome, le kapele ho tsela e katilweng ya lebala le kantle, ho ne ho ena le mehohoma e disollorong tse tharo.


Moo Jerusalema, haufi le Kgoro ya Dinku, ho na le letshana, le bitswang Bethestha ka Seheberu, le nang le mathule a mahlano.


Hajwale re bona ka seipone, ka lerootho, empa mohlang oo re tla bona jwalokaha difahleho di tadimane. Hajwale ke tseba ka mokgwa o sa phethahalang, empa mohlang oo ke tla tseba jwalokaha Modimo a ntseba.


Kamorao ho tsena ka tadima, mme ka bona letshwelehadi leo ho neng ho se motho ya ka le balang. E ne e le ba mefuta yohle, le ba meloko yohle, le ba ditjhaba tsohle, le ba dipuo tsohle, ba eme kapele ho terone le kapele ho Konyana, ba apere diaparo tse tshweu, ba tshwere makala a dipalema matsohong a bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ