Ezekiele 40:12 - BIBELE12 Kapele ho kamore e nngwe le e nngwe ya balebedi ho ne ho ena le lerako le etsang halofo ya methara ka bophahamo; bolelele le bophara ba dikamore tsena bo ne bo lekana, e le dimethara tse tharo. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)12 Pela dikamore tsa balebedi ho na le motero, e le wa tswe se le seng ka nqane, hape e le wa tswe se le seng ka kwano; haele kamore e nngwe le e nngwe ya balebedi, e ne e na le ditswe tse tsheletseng ka kwano, hape e na le tswe tse tsheletseng ka kwana. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Dikamore tsa balebedi, mmoho le marako a di arolang kahare ho kgoro, di ne di phethilwe ho potoloha hodimo ka difesetere tse tshesanyane; le lona lethule le le jwalo. Difesetere tsena, ho potoloha, di ne di bulehela kahare. Difahleho tsa marako a arolang dikamore tsa balebedi di ne di kgabisitswe ka ditshwantsho tsa difate tsa dipalema.
Dikamore tsa yona tsa balebedi, le marako a di arolang, le lethule la yona, di ne di lekana le tse ding ka ditekanyo. Kgoro le lethule la yona di ne di ena le difesetere ho potoloha. Bolelele kaofela e ne e le dimethara tse mashome a mabedi a metso e mehlano, bophara bona e le dimethara tse leshome le metso e mmedi le halofo.