Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 40:10 - BIBELE

10 Kahare ho kgoro e ka botjhabela ho ne ho ena le dikamore tse tharo tsa balebedi ka lehlakoreng le leng le le leng: Boraro ba tsona di ne di lekana, difahleho tsa marako a di arolang ka lehlakoreng le leng le le leng le tsona di lekana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Haele dikamore tsa balebedi tsa monyako wa botjhabela, tse tharo di ne di le ka kwano, tse tharo tse ding di le ka kwana; tse tharo di ne di na le tekanyo e le nngwe, le ditshiya di ne li na le tekanyo e le nngwe, ka nqa e ka kwano le ka nqane.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 40:10
6 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Monna eo a nto metha bophara ba monyako wa kgoro: Bophara bo ne bo etsa dimethara tse hlano, bolelele bona e le dimethara tse tsheletseng le halofo.


Dikamore tse tharo tsa balebedi, tse ka lehlakoreng le leng le le leng la tsela, le marako a di arolang, le lethule, tsena di ne di lekana le tsa kgoro e ka botjhabela. Bolelele ba kgoro ena e ne e le dimethara tse mashome a mabedi a metso e mehlano, bophara bona e le dimethara tse leshome le metso e mmedi le halofo.


Dikamore tsa yona tsa balebedi, le marako a di arolang, le lethule la yona, di ne di lekana le tse ding ka ditekanyo. Kgoro le lethule la yona di ne di ena le difesetere ho potoloha. Bolelele kaofela e ne e le dimethara tse mashome a mabedi a metso e mehlano, bophara bona e le dimethara tse leshome le metso e mmedi le halofo.


Lebaleng le kahare, ho ne ho ena le dikamore tse pedi tsa dibini. E nngwe e ne e le pela kgoro e ka leboya, monyako wa yona o shebile borwa; e nngwe e le pela kgoro e ka borwa, monyako wa yona o shebile leboya.


Kamore ka nngwe ya dikamore tsa balebedi e ne e etsa dimethara tse tharo ka bolelele, le tse tharo ka bophara, mme morumo wa marako a di arolang e ne e le dimethara tse pedi le halofo. Monyako o pela lethule le tobaneng le Tempele o ne o etsa dimethara tse tharo ka bophara.


Le ne le etsa dimethara tse nne ka bolelele, dikosene tsa lona di etsa methara e le nngwe ka morumo. Lethule la kgoro le ne le shebane le Tempele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ