Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 40:1 - BIBELE

1 Ka letsatsi la leshome la kgwedi, qalong ya selemo sa mashome a mabedi a metso e mehlano re le bothopuweng, e le selemo sa leshome le metso e mene motse wa Jerusalema o ripitlilwe, ka lona letsatsi leo matla a tswang ho Morena a ntsukutla, a nkukela hona Jerusalema.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Selemong sa mashome a mabedi a metso e mehlano sa kgoleho ya rona, qalong ya selemo, ka la leshome la kgwedi, ho se ho le dilemo tse leshome le metso e mene motse o sentswe, ka lona tsatsi leo, letsoho la Jehova la eba ho nna, mme a ntlisa mona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 40:1
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bolellang setjhaba sohle sa Iseraele, le re: ‘Ka letsatsi la leshome la kgwedi ena, e mong le e mong a inkele konyana, ho ya ka malapa a bo-ntata bona, lelapa ka leng le be le konyana.


Kamora dilemo tse makgolo a mane le mashome a mararo, ka lona letsatsi leo, mabotho wohle a Morena a tswa naheng ya Egepeta.


“Ka letsatsi la pele, la kgwedi ya pele, o tla hloma Leaho, Tente ya Morena.


Ka pona e entsweng ke Moya wa Modimo, Moya wa mphahamisa, wa nkisa ho bathopuwa ba naheng ya Bakalatiya. Yaba pono eo ke e boneng e tloha ho nna,


Ka letsatsi la pete la kgwedi ya pele selemong sa mashome a mabedi a metso e supileng, lentswe la Morena la fihla ho nna, la re:


Jwale Moya wa mphahamisa, wa nkuka wa ya le nna, ka tsamaya ke utlwile bohloko, ke halefile, mme matla a tswang ho Morena a ntsukutla haholo.


Yaba matla a tswang ho Morena a ntsukutla, Morena a re: “Ema, o tsamaye, o ye phuleng, moo ke tla bua le wena teng.”


Ka letsatsi la pele la kgwedi ya leshome le metso e mmedi selemong sa leshome le metso e mmedi, lentswe la Morena la fihla ho nna, la re:


Ka letsatsi la leshome le metso e mehlano la kgwedi selemong sa leshome le metso e mmedi, lentswe la Morena la fihla ho nna, la re:


Ka letsatsi la bohlano la kgwedi ya leshome selemong sa leshome le metso e mmedi sa ho thopuwa ha rona, motho e mong ya neng a ile a phonyoha Jerusalema a fihla ho nna, a re: “Motse o hapilwe!”


Matla a tswang ho Morena a ntsukutla. Morena a nkuka ka Moya wa hae, a mpea kahara kgohlo e tletseng masapo.


Ka letsatsi la bohlano la kgwedi ya botshelela selemong sa botshelela, ha ke ntse ke dutse ka tlung ya ka, mme baholo ba Juda ba dutse kapele ho nna, matla a tswang ho Morena Modimo a ntsukutla.


Ka letsatsi la Morena, ka tlalwa ke Moya wa Modimo, mme kamora ka ka utlwa lentswe le phahameng, le kang modumo wa terompeta,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ