Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 4:4 - BIBELE

4 “O paqame ka lehlakore la letsoho le letshehadi, mme nna ke tla o jarisa bokgopo ba ntlo ya Iseraele. O tla jara bokgopo boo ba bona ho ya ka palo ya matsatsi ao o tla paqama fatshe ka wona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Wena jwale, o sekame ka lehlakore la hao le letshehadi, o bee bokgopo ba ntlo ya Iseraele ho lona; ha o ntse o sekame ka lona ka tshiu tse itseng, etlaba o jere bokgopo ba bona ka tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 4:4
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O tla jara makgopo ana a bona ka matsatsi a makgolo a mararo le mashome a robong, e leng a lekanang le palo ya dilemo tseo ba entseng bokgopo ka tsona. Ka mokgwa o jwalo o tla jara bokgopo ba ntlo ya Iseraele.


Ke tla o tlama ka mehala, e le hore o sitwe ho phethohela ka lehlakoreng lefe kapa lefe, ho fihlela o qeta matsatsi a thibella ena ya hao.


“Ke ka baka lang ha nyehelo e tlosang sebe le sa ka la e jella Sehalalelong, kaha e halalela ka ho fetisisa? Le e filwe hore e hlakole sebe sa phutheho, ka ho etsetsa phutheho eo tefelo ya sebe kapele ho Morena.


Podi ena e tla jara makgopo a bona wohle. Motho eo a e ise naheng e se nang baahi, mme a e tlohelle lehwatateng moo.


Jwalokaha le ile la hlwela naha ka matsatsi a mashome a mane, le tla jara bokgopo ba lona ka dilemo tse mashome a mane, e leng hore letsatsi ka leng le lekana le selemo. Kahoo le tla tseba hore na ho ntwantsha ke eng.’


Morena a re ho Arone: “Wena le bara ba hao, le ba lelapa la ntatao, le tla ikarabella bakeng sa bokgopo bo ka silafatsang Sehalalelo. Wena le bara ba hao le tla jara bokgopo ba boprista ba lona.


hore ho tle ho phethahale ho boletsweng ke moporofeta Esaya, ha a re: “O ipelesitse mahloko a rona, a inkela malwetse a rona.”


Ka mokgwa o jwalo le Kreste o ile a inyehela hanngwe, ho tlosa dibe tsa ba bangata. Mohla a tlang kgetlo la bobedi, sebe se se se fedisitswe, o tla iponahatsa ho ba mo lebeletseng hore a ba pholose.


Yena, ka mmele wa hae, o ile a isa dibe tsa rona sefapanong, hore re tle re shwe ka nqeng ya sebe, mme re phele ka nqeng ya ho loka. Ke yena eo le fodisitsweng ke maqeba a hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ