Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 39:8 - BIBELE

8 Bonang letsatsi le a tla! Le tla fela le tle! ho rialo Morena Modimo. Ke lona letsatsi leo ke buileng ka lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Bonang, taba eo e se e ya tla, le ho etsahala: ho bolela Morena Jehova. Ke lona letsatsi leo ke le boletseng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 39:8
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ho tloha qalehong ke tsebisitse batho tsa ho qetela, ho tloha mehleng ya boholoholo ka ba tsebisa, ka ba tsebisa tse tla etsahala, ka re: ‘Merero ya ka e tla tiya, ke tla etsa tsohle tseo ke di ratang.’


“Ha tsena di phethahala, mme di tla fela diphethahale, ke hona ba tla tseba hore moporofeta o ne a le teng hara bona.”


“ ‘Morena Modimo o bua tjena: Na hase wena eo mehleng e fetileng ke ileng ka bua ka wena, ka bahlanka ba ka, baporofeta ba Iseraele? Mohlang oo ba ile ba porofeta ka dilemo tse ngata, ba re ke tla etsa hore o futuhele Baiseraele.’ ”


“ ‘Ke tla etsa hore lebitso la ka le halalelang le tsejwe hara setjhaba sa ka sa Iseraele. Ha nka ke ka hlola ke dumela hore lebitso la ka le halalelang le silafatswe, mme baditjhaba ba tla tseba hore nna ke Morena ya halalelang wa Iseraele.


“ ‘Baahi ba metse ya Iseraele ba tla tswa, ba bese mollo ka dibetsa tsa bona: dithebe le dithejana, diqha le metsu, dikoto le marumo. Ba tla qeta dilemo tse supileng ba ntse ba besa mollo ka tsona.


Feela, baratuwa, ntho eo le sa tshwanelang ho e lebala ke ena: Ho Morena letsatsi le le leng le jwaloka dilemo tse sekete, mme le dilemo tse sekete di jwaloka letsatsi le le leng.


Lengeloi la bosupa la qhalla lefiswana la lona moyeng, mme lentswe le phahameng, le tswang teroneng e ka tempeleng, la re: “Ho phethahetse.”


A nto re: “Ho phethahetse. Ke nna Alfa le Omega, Qalo le Qetello. Ya nyorilweng ke tla mo nwesa sedibeng sa metsi a bophelo a fanwang feela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ