A tla beelwa letsatsi le kgwedi le dinaledi tsohle tsa lehodimo, e leng tseo beng ba masapo ana ba neng ba di rata, ba di sebeletsa, tseo ba neng ba di sala morao, ba kopa thuso ho tsona, ba di kgumamela. Ha a ka ke a bokellwa kapa a epelwa hape; a tla tshwana le kgapane e tletsatletseng hara naha.
Ke tla o akgela kahara lehwatata, wena le ditlhapi tsohle tsa dinoka tsa hao. O tla re polopoqo! kahara mmanana, ho se be ya o nkang hore a o epele. Topo sa hao se tla jewa ke dibatana, se jewe ke matlaka a sollang hodimo.
Wena Gogo le mabotho a hao, le ditjhaba tse emeng le wena, le tla bolaelwa hodima dithaba tsa Iseraele, ditopo tsa lona di jewe ke dinonyana tse jang dififi, le ke dibatana tsa naha.