Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 39:24 - BIBELE

24 Ke ile ka ba otla ho ya ka ditshila tsa bona le ditlolo tsa bona, mme ka ba patela sefahleho sa ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Ke ba entse ka ditshila tsa bona le ka meikgantsho ya bona, ka ba patela sefahleho sa ka ke hona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 39:24
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

haeba le ikganela, le bile le mphetohela, le tla bolawa ka sabole,” ho rialo Morena.


Ho madimabe ba kgopo, hobane koduwa e tla ba wela hodimo, ba putswe ho ya ka mesebetsi ya bona.


Empa makgopo a lona a le arohantse le Modimo wa lona, dibe tsa lona di patile fahleho sa hae, e le hore a se ke a le utlwa.


Na hase wena ya ipileditseng hoo ka ho furalla Morena, Modimo wa hao, nakong ya ha a ne a o tsamaisa tseleng?


Bokgopo ba hao ke bona bo tla o otla, ho mphuralla ha hao hona ho o kgaleme. Imamele ke hona o ele hloko kamoo o babelwang ke bokgopo ba hao, ha o furalla Morena, Modimo wa hao, o bile o so sa ntshabe le ho ntshaba,” ho rialo Morena, Modimo wa mabotho.


“Boitshwaro ba hao le diketso tsa hao ke tsona tse tlisitseng tsena, tsa di tlisa ho wena; bona ke bona bokgopo ba hao. Bona kamoo bo babang kateng! Kamoo bo o kenang pelong kateng!”


Ditshito tsa lona di thibetse tsena, dibe tsa lona tsa le amoha melemo ena.


Ke ile ka se qhalanyetsa hara baditjhaba, mme sa qhalanngwa hara dinaha; ka se ahlolela boitshwaro ba sona, le diketso tsa sona.


Ke tla ba furalla, mme ba tla silafatsa Tempele ya ka. Mashodu a tla kena ka ho yona, a e silafatse.


le nna ke tla le lwantsha. Ke tla le otlela dibe tsa lona, mme ke menahanye kotlo ya lona hasupa.


Mohlang hoo ho etsahalang, ke tla se halefela haholo, ke se furalle, ke se patele sefahleho sa ka. Se tla timela, se hlahelwe ke bomadimabe bo tshabebang le ditsietsi tse ngata. Mohlang oo se tla re: ‘Na hase hobane Modimo wa rona a le siyo kahara rona, ha e le moo re hlahelwa ke bomadimabe boo?’


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ