Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 39:12 - BIBELE

12 “ ‘Ka kgwedi tse supileng Baiseraele ba tla nne ba ba epele, e le hore ba hlwekise naha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Ka kgwedi tse supileng, ba ntlo ya Iseraele ba tla ba epela, hore ba hlaphole lefatshe;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 39:12
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“ ‘Ka lona letsatsi leo, ke tla fa Gogo setsha sa mabitla naheng ya Iseraele, kgohlong ya ba etelang nqa botjhabela ho lewatle. Setsha sena se tla thiba tsela ya baeti, hobane Gogo le matshwele a hae ba tla epelwa hona teng. Kahoo sebaka seo se tla bitswa Hamone-Gogo.


“ ‘Etlare ha ho fetile dikgwedi tse supileng ho kgethwe banna ba tla potoloha le naha yohle, ho batla ditopo tse rapaletseng hara naha, ba di epele, e le hore naha e tle e hlweke.


Lebitso la motse le lona e tla ba Hamone. Ba tla hlwekisa naha jwalo.’


“Mang kapa mang ya amang setopo sa motho ofe kapa ofe, o tla dula a le sesila ka matsatsi a supileng.


“Ona ke molao wa ha motho a shwella ka tenteng. Mang kapa mang ya kenang ka tenteng, kapa ya seng a le ka tenteng, o tla ba sesila ka matsatsi a supileng.


“Mang kapa mang ya amang setopo sa motho ya bolailweng ka sabole kwana naheng, kapa setopo sa ya itjhweletseng feela, kapa lesapo la motho ya shweleng, kapa lebitla, o tla ba sesila ka matsatsi a supileng.


setopo seo sa hae se se ke sa qeta bosiu se ntse se leketlisitswe sefateng. Se hle se epelwe ka lona letsatsi leo, hobane ya leketlisitsweng sefateng o rohakilwe ke Modimo. O se ke wa silafatsa naha ya heno, eo Morena Modimo wa hao, a o neang yona hore e be lefa la hao.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ