Ezekiele 38:6 - BIBELE6 le yona Gomere ka mabotho wohle a yona, le Bete-Togarema e tswang hole leboya ka mabotho wohle a yona, le ditjhaba tse ngata di ena le wena. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)6 ba nang le Gomere le makgotla wohle a hae; le ntlo ya Togarma e tswang pheletsong ya leboya le makgotla wohle a hae, le ditjhaba tse ngata hammoho le wena. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
“Ho teng le mahosana wohle a leboya, le Basidone bohle ba teng ba theohetseng mohohlong le ba bolailweng ka sabole. Le hoja ba ne ba tshajwa haholo, bonatla ba bona bo ba hlabisitse dihlong, ba shwele e ntse le maqai, ba rapaletse le ba bolailweng ka sabole, ba jere sekgobo sa bona le ba theohetseng mohohlong.
“Ha mehla ya bofelo e fihla, kgosi ya Egepeta e tla futuhela kgosi ya Siria, empa kgosi eo ya Siria le yona e tla kgahlanyetsa kgosi ya Egepeta jwaloka setsokotsane, ka dikariki tsa ntwa, le ka bapalami ba dipere, le ka dikepe tse ngata. E tla futuhela dinaha tse ngata, e di hohole jwaloka sekgohola.