Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 38:4 - BIBELE

4 Ke tla o kgutlisa, mehlahare ya hao ke e qadipe ka dilope, ke o ntshe le mabotho wohle a hao le dipere le bapalami ba tsona ba hlometseng, e le letshwelehadi le hlometseng ka dithebe le dithejana, bohle ba tshwere disabole tsa bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ke tla o kgutlisa, ke kentse mautlana mehlahareng ya hao, ke o ntshe, e le wena le sera sa hao kaofela, dipere le bapalami, ba hlometse bohle dihlomo tse phethehileng, e le bongata bo boholo bo hlometseng dithejana le dithebe, batho ba ekang lerumo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 38:4
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke utlwile ho mpurumela ha hao, le lerata la hao, kahoo ke tla kenya kgwathatha, ke e kenye nkong ya hao, ke kenye le tomo ka hanong la hao, ke be ke o kgutlise le mehlala ya hao.


Ba bang ba morabe wa Gade ba fetohela ka ho Davida ha a le qhobosheaneng e lehwatateng. E ne e le banna ba dinatla, ba matsholathebe, ba tsebang ho lwana ka thebe le lerumo. Difahleho tsa bona di ne di ka tsa ditau, ba le lebelo jwaloka dikgama tsa thaba.


Amasiya a kgobokanya setjhaba sa Juda kaofela. Hara ba morabe wohle wa Juda, le wa Benjamine, a kgetha balaodi ba bahlabani ba dikete, le balaodi ba ba makgolo, ho ya ka malapa a bo-ntata bona. A ba bala ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo, mme kaofela ya eba mokgetho wa bahlabani ba dikete tse makgolo a mararo, e le banna ba ka yang ntweng, ba ka lwanang ka thebe le lerumo.


Ke utlwile ho mpurumela ha hao le lerata la hao, kahoo ke tla kenya kgwathatha ka nkong ya hao, ke kenye le tomo ka hanong la hao, ke be ke o kgutlise le mehlala ya hao.


ya ntshitseng dipere le kariki tsa ntwa, a ntsha mabotho le mekgahlelo ya wona, mabotho a rapalla moo, a rapallela ruri, a fediswa seka lebone le tingwa:


Morena o re: Futuhang lona banna ba dipere! Kgannang ka sekgahla lona ba dikariki! Teolohang lona banna ba bahlabani, banna ba Kushe le ba Pute, matshwarathebe, banna ba Lode ba fulang ka diqha!


Le yena a tjhatjhehela Baasiria ba ahelaneng le yena, e leng babusi le balaodi ba bahlabani, ba apereng tse majabajaba, ba palamang dipere, kaofela ha bona e le bahlankana ba ditjaka.


Ka dilope mehlahare ya hao ke tla e qadipa, tlhapi tsa noka ya hao ke di kgomarise mahehefeng a hao; ke o hoholele kantle ho dinoka tsa hao, tlhapi tsohle tsa noka ya hao di kgomaretse mahehefeng a hao.


O tla tloha haeno, hole leboya, o ena le ditjhaba tse ngata, bohle ba palame dipere, le le lebothohadi le matla.


o re: ‘Morena Modimo o bua tjena: Ke a o lwantsha, wena Gogo kgosana e kgolo ya Mesheke le Tubale.


Ke tla o kgutlisa, ke o hulanye, ke o nyolle hole leboya, o yo futuhela dithaba tsa Iseraele.


Tafoleng ya ka le tla ja, le kgore nama ya dipere le ya bapalami ba tsona, le ya bahale le ya bahlabani ka mefuta ya bona, ho rialo Morena Modimo.’ ”


“Ha mehla ya bofelo e fihla, kgosi ya Egepeta e tla futuhela kgosi ya Siria, empa kgosi eo ya Siria le yona e tla kgahlanyetsa kgosi ya Egepeta jwaloka setsokotsane, ka dikariki tsa ntwa, le ka bapalami ba dipere, le ka dikepe tse ngata. E tla futuhela dinaha tse ngata, e di hohole jwaloka sekgohola.


Morena Modimo ya halalelang o hlapantse ka lebitso la hae, a re: “Bonang, matsatsi a tla tla, ao ka wona le tla tloswa ka kgwathatha; le ba ho qetela hara lona, ba tloswe, ba hulwa ka dilope.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ