Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 38:20 - BIBELE

20 Ditlhapi tsa lewatle, le dinonyana tsa lehodimo, le dibatana tsa naha, le dihahabi tsohle, le batho bohle ba lefatsheng, tsena tsohle di tla thothomela kapele ho nna. Dithaba di tla bothalatswa, mafika a thetehe, le marako wohle a helehe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Pontsheng ya ka, ho tla thothomela dihlapi tsa lewatle, le dinonyana tsa lehodimo, le diphoofolo tsa naha, le dihahabi tsohle tse hahabang fatshe, le batho bohle ba lefatsheng; dithaba di tla heletswa, dilomo di thetehe, marako wohle a wele fatshe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 38:20
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hodima thaba ka nngwe e phahameng, le hodima leralla ka leng, ho tla ba le melatswana ya metsi a phallang, mohla batho ba bolawang ba etswa mofela, le ditora di helehang.


Ke tla thua dithaba le maralla, ke omeletse dimela tsohle, dimela tsohle tse ho wona; dinoka ke tla di fetola, ke di fetole dihlekehleke, matsha le wona ke a pshese.


Kahoo naha e tla apara bofifi, bohle ba phelang ho yona ba tla timela, ho timele dibatana tsa naha, ho timele nonyana tse fofang, tlhapi tsa lewatle le tsona di timele!


Dihlomo tseo re lwanang ka tsona hase tsa botho, ke tse matla, tsa Modimo, tse heletsang diqhobosheane. Re shanofatsa dipolelo tsa bohata,


Lehodimo la meneha jwaloka buka ha e kwalwa, mme dithaba tsohle le dihlekehleke tsa suthiswa ditulong tsa tsona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ