Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 38:16 - BIBELE

16 O tla futuhela setjhaba sa ka sa Iseraele jwaloka leru le kwahetseng naha. Ka matsatsi a tlang, wena Gogo, o tla futuhela naha ya ka, e le hore baditjhaba ba tle ba ntsebe ha ke bonahatsa kgalalelo ya ka ka wena Gogo, moo ba ntseng ba bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 o tla futuhela setjhaba sa ka sa Iseraele, o be jwaloka leru le kgurumetsang lefatshe. Taba eo e tla etsahala mehleng ya qetello; ke tla o tlisa ho lwantsha lefatshe la ka, hore ditjhaba di tle di ntsebe, mohla ke ikgalaletsang ka wena, Gogo, pontsheng ya tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 38:16
32 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka baka leo he, Morena Modimo wa rona, ke a o kopa: Ako re namolele matsohong a kgosi ya Asiria, hore mebuso yohle ya lefatshe e tle e tsebe hore ke wena Morena, Modimo o le mong feela.”


Baegepeta ba tla tseba hore ke nna Morena, ha ke itlotlisa ka Faro, le ka dikariki tsa hae tsa ntwa, le ka bapalami ba hae.”


Ke tla thatafatsa pelo ya Faro, mme o tla le phaladisa. Ke tla itlotlisa ka Faro le ka lebotho la hae kaofela. Baegepeta ba tla tseba hore ke nna Morena.” Yaba Baiseraele ba etsa jwalo.


Mohla matsatsi a ho qetela, thaba eo Tempele ya Morena e leng hodima yona e tla phahamela dithaba tsohle, e phahamele le maralla wohle, ditjhaba tsohle di phallele ho yona.


Bana ba hae ba tla halaletsa lebitso la ka, ha ba bona mosebetsi wa matsoho a ka, ba halaletse lebitso la ka, ba halaletse Ya Halalelang wa Jakobo, ba tshabe Modimo wa Iseraele.


Morena wa mabotho o tla ba phahamela kahlolong, Modimo ya halalelang o tla iponahatsa, ka ho loka a iponahatse a halalela.


Hopola hore Morena wa mabotho o a halalela, e be yena eo o mo tshabang, e be yena eo o mo tshohang.


Ha ke se ke le ntshitse hara baditjhaba, ke le phuthile dinaheng tsohle tseo ke neng ke le qhalanyeditse ho tsona, ke tla le amohela le le mokubetso o monko o monate, mme ka lona ke bonahatse kgalalelo ya ka ho ditjhaba.


Ere ho yona: ‘Morena Modimo o bua tjena: “ ‘Wena Sidone, tseba hoba ke a o lwantsha, tlotla ya ka ke tla e bonahatsa ka wena; bohle ba tla tseba hore ke nna Morena, ha ke ahlola baahi bohle ba hao, ke etsa sesupo sa hore ke a halalela.


Ke tla bonahatsa kgalalelo ya lebitso la ka le leholo, leo le le silafaditseng hara ditjhaba, lebitso leo le le silafaditseng hara tsona. Ha ke se ke bonahaditse kgalalelo ya ka ka lona, moo baditjhaba ba ntseng ba bona, ba tla tseba hore ke nna Morena, ho rialo Morena Modimo.


Ke tla bonahatsa jwalo boholo ba ka le kgalalelo ya ka, ke itsebise ditjhaba tse ngata moo di ntseng di bona. Kahoo di tla tseba hore ke nna Morena.’ ”


“Ke tla bonahatsa tlotla ya ka hara baditjhaba, mme baditjhaba bohle ba tla bona dikahlolo tsa ka, ba bone le letsoho leo ke ba otlileng ka lona.


Ha ke se ke ba kgutlisitse ditjhabeng, ke ba ntshitse dinaheng tsa dira tsa bona, ke tla ikgalaletsa ka bona moo ditjhaba tse ngata di ntseng di bona.


“ ‘Ke tla etsa hore lebitso la ka le halalelang le tsejwe hara setjhaba sa ka sa Iseraele. Ha nka ke ka hlola ke dumela hore lebitso la ka le halalelang le silafatswe, mme baditjhaba ba tla tseba hore nna ke Morena ya halalelang wa Iseraele.


Jwale ke tlile ho o tsebisa se tla hlahela setjhaba sa heno ka nako e tlang, hobane pono ena e supa tse tla etsahala ka nako e tlang.”


Empa ho na le Modimo lehodimong ya senolang diphiri. Ke yena ya tsebisang kgosi Nebukadenesare tse tlang ho etsahala mehleng e tlang. Toro ya hao le dipono tseo o di boneng ha o ntse o robetse diphateng tsa hao, ke tsena:


Kamora moo bana ba Iseraele ba tla kgutla, ba batle Morena Modimo wa bona, le Davida, kgosi ya bona. Qetellong ba tla kgutlela ho Morena ba ntse ba tlakasela, mme ba amohele mahlohonolo a hae.


Lona ditjhaba tsohle, phallang, kgobokanang, le phuthehele ka Kgohlong!’ ” Morena, laola bahale ba hao ba theohe.


Moshe a re ho Arone: “Sena ke seo Morena a neng a se bolela, ha a re: ‘Ke tla bonahatsa ho halalela ha ka ho ba leng haufinyane le nna, mme ke tla tlotliswa kapele ho setjhaba sohle.’ ” Arone a kgutsa.


Mohla matsatsi a ho qetela, thaba eo Tempele ya Morena e hahilweng hodima yona, e tla phahamela dithaba tsohle, e phahamele le maralla wohle, ditjhaba tsohle di phallele ho yona.


Ke a tseba hore kamora lefu la ka ruri le tla itshilafatsa, le kgelohe tsela eo ke le laetseng yona. Hamorao bomadimabe bo tla le wela hodimo, ha le etsa bokgopo mahlong a Morena, le mo halefisa ka mesebetsi eo le e etsang.”


Moya o bolela ka ho totobala hore mehleng ya morao ba bang ba tla kwenehela tumelo, ba kgomarele meya e kgelosang, le dithuto tsa bademona,


Tseba hona: Mehleng ya bofelo ho tla ba le dinako tsa bothata.


Tsa tlala lefatshe ka bophara ba lona, mme tsa dikanela diahelo tsa badumedi le motse o ratwang, empa mollo wa theoha lehodimong, wa di fedisa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ