Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 38:14 - BIBELE

14 “Ka baka leo, wena ngwana motho, porofetela Gogo, o re: ‘Morena Modimo o bua tjena: Mohla setjhaba sa ka sa Iseraele se phelang ka kgotso, na ha o na ho elellwa hoo?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Ha ho le jwalo, mora motho, porofeta, o re ho Gogo: Morena Jehova o re: Tsatsing leo, ha setjhaba sa ka se ahile se iketlile, ha ke re, o tla tseba na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 38:14
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mehleng ya kgosi eo, Juda e tla pholoswa, Iseraele le yona e iphelele ka kgotso. Lebitso le tla rewa kgosi eo ke lena: Morena ke yena ho loka ha rona.


Baditjhaba ba tla tseba hore ke nna Morena ya halaletsang Iseraele, ha Sehalalelo sa ka se se se eme kahara bona kamehla yohle.’ ”


O tla re: “Ke tla futuhela metsana e sa hahaletswang, ke hlasele setjhaba se iketlileng, se iphelelang ka kgotso, se iphelelang metseng e sa haheletswang, e se nang dikgoro le mekwallo.


“Wena ngwana motho, tadima Gogo, e leng kgosana e kgolo ya Mesheke le Tubale, ya naheng ya Magogo. O mo porofetele,


Hoba ho fete matsatsi a mangata o tla futuha. Ka dilemo tse hlahlamang o tla kena naheng e sa tswa futuhelwa, eo setjhaba sa yona se ileng sa phuthwa dinaheng tse ngata ho ya dithabeng tsa Iseraele tseo e neng e le kgale di le feela. Se ne se ile sa ntshwa ditjhabeng tse ding, mme jwale se phela ka kgotso.


“Bonang, ka matsatsi ao, ka yona nako eo, ke tla atlehisa ba Juda le ba Jerusalema.


Kahoo nkemeleng,” ho rialo Morena, “le nkemele ho fihlela ha ke le qosa. Ke na le morero wa ho phutha ditjhaba, wa ho di phutha le mebuso ya tsona, ke hlatsetse kgalefo ya ka hodima tsona, e leng bohale ba ka bo tukang malakabe. Lefatshe lohle le tla timetswa ka mollo, ka mollo wa kgalefo ya ka ya ho boulela.


Nna ka sebele ke tla e kopela kamahohle, ke be lerako la mollo,’ ho rialo Morena, ‘ke be tlotla kahara yona.’


Morena wa mabotho, yena ya ileng a ntlotlisa, a ba a nthoma ho baditjhaba ba ileng ba le tlatlapa, o re: “Ya le amang o thetsa thaka ya leihlo la ka.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ