Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 38:13 - BIBELE

13 Sheba le Dedane le bahwedi ba Tarashishe le bahale bohle ba yona, ba tla re ho wena: “Na o tlile ho re lobela? Na o phuthile mabotho a hao ho tla ikgapela silefera le kgauta, le diphoofolo le thepa, le ho inkela kgapo e ngata?” ’

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Sheba, le Dedane, le bahwebi ba Tarshishe, le ditawana tsohle tsa teng, ba tla re ho wena: Hleka o tlile ho hapa na? Hleka o bokeletse bongata boo ho tlatlapa thepa, hore o tle o be o ye le silefera le kgauta, o nke le mehlape le mesebetsi, ho hapa thepa e kgolo na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 38:13
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A le mahodimong, a ke a nthusetse; a ferekanye ya nkgatakelang. Modimo a ntshitse ka mohau wa hae, a mpontshe botshepehi ba hae.


Ke tla mo romela tjhabeng sa baetsadibe, ke mo romele tjhabeng se nkgalefisang; ke tla mo laela hore a hape kgapo, ke mo laele hore a lobele lebobelo, le ho ba hatakela sa seretse sa diterata.


Thapo tsa sekepe sa hao di hlephile, ha di sa tiisa thupa e tshwereng diseile, diseile di se di sitwa ho thathalla. Kgapo e ngata e tla arolelanwa, esita le dihlotsa di tla fumana seabo.


Matlotlo a hao le maruo a hao, ke tla neelana ka wona, a etswe lelobelo ka thupa ya mmowana, ka baka la dibe tsohle tsa hao, dibe tseo o di entseng naheng ena yohle.


“Baiseraele ke mohlape o qhalakaneng, oo ditau di o manakisang. Wa pele wa ho ba ja ke kgosi ya Asiria, Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a qetela ka ho ba bjabjaretsa masapo.”


“Baahi ba Babilona ba puruma sa ditawana, ba rora sa madinyane a tauhadi.


Morena Modimo o bua tjena: ‘Ke tla otlollela letsoho la ka hodima Edomo, ke bolaye baahi ba yona, le diphoofolo tsa bona, ke e fetole nanaola; ho tloha Temana ho ya fihla Dedane ke ba bolaye ka sabole.


“ ‘Motse wa Tarashishe wa hweba le wena ka baka la bongata ba matlotlo a hao; thepa ya hao ya kgwebo ba e ananya ka silefera le tshepe le lekapa le loto.


“ ‘Banna ba Dedane ba ne ba hweba le wena; le ba dinaha tse mabopong a lewatle ba ne ba hweba le wena, ba o lefa ka manaka a tlou le ka mapolanka a motsweri.


“ ‘Ka dikepe tsa Tarashishe, kepe tsa kgwebo, thepa ya hao ya kgwebo e ne thothwa; wa ba jwaloka sekepe bodibeng, o tletse meqeqeko ya tsa kgwebo.


“Wena ngwana motho, binela Faro, kgosi ya Egepeta, kodi-ya-malla, o re: “ ‘O tshwana le tawana hara ditjhaba, athe o ka kganyapa e phelang mawatleng, e thalang kahara dinoka tsa yona, e tuduanyang metsi ka maoto a yona, e dukang dinoka e be dikgotlela.’


Ke tla rekisa bara le baradi ba lona ho setjhaba sa Juda, mme sona se tla ba rekisetsa Basheba, e leng setjhaba se hole,” ho rialo Morena.


Utlwang ha badisa ba bokolla, ba bokolla hoba makgulo a senyehile! Utlwang ditawana ha di puruma; meru e opaneng ya Jorodane e senyehile!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ