Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 38:12 - BIBELE

12 Ke tla se lobela, ke se hape, ke ntano futuhela dithako tse tsositsweng, le setjhaba se phuthilweng hara baditjhaba, se nang le diphoofolo le matlotlo, se phelang bohareng ba lefatshe.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Ke tla ya ho hapa kgapo, ho tlatlapa thepa, ho lwantsha dithako tse tsositsweng, setjhaba se phuthilweng ditjhabeng, se ruileng mehlape le mesebetsi, se ahileng nqalong tse phahameng tsa naha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 38:12
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke tla mo romela tjhabeng sa baetsadibe, ke mo romele tjhabeng se nkgalefisang; ke tla mo laela hore a hape kgapo, ke mo laele hore a lobele lebobelo, le ho ba hatakela sa seretse sa diterata.


Bohle ba o timetsang le bona ba tla timetswa, dira tsa hao tsohle di tla thopuwa. Ba o hanyapetsang ba tla hanyapetswa, ba o hapelang le bona ba tla hapelwa.


Ka baka lena, Morena Modimo o bua tjena: Naha ya Egepeta ke tla e nea Nebukadenesare, kgosi ya Babilona. O tla hapa matlotlo a yona, a lobele dintho tsa yona, mme tsena e be moputso wa bahlabani ba hae.


Hoba ho fete matsatsi a mangata o tla futuha. Ka dilemo tse hlahlamang o tla kena naheng e sa tswa futuhelwa, eo setjhaba sa yona se ileng sa phuthwa dinaheng tse ngata ho ya dithabeng tsa Iseraele tseo e neng e le kgale di le feela. Se ne se ile sa ntshwa ditjhabeng tse ding, mme jwale se phela ka kgotso.


Ke tla timetsa baahi ba Ashedode, le ya tshwereng lere la puso, puso ya Ashekelone; motse wa Ekerone ke tla o otla, masalla wohle a Bafilesita ke a timetse,” ho rialo Morena Modimo.


Lengeloi la Morena la bua, la re: “Oho, Morena wa mabotho, ebe Jerusalema le metse ya Juda, eo o e halefetseng ka dilemo tsee tse mashome a supileng, o tla e hauhela neng?”


“Howeletsa hape, o re: Morena wa mabotho o bua tjena: ‘Metse ya ka e tla boela e eba le nala, Morena a tshedise Sione hape, a boele a ikgethele Jerusalema.’ ”


“Tsoha, wena sabole, o lwantshe modisa wa ka, o lwantshe yena ya haufi le nna!” ho rialo Morena wa mabotho. “Otla modisa, dinku di tle di qhalane; nna ke tla otla le dikonyana.


Gaale a boela a bua hape, a re: “Bona, batho ke bano ba theoha letsatseng la thaba. Sehlopha se seng se theoha ka tsela e fetang sefateng sa eike sa dinohe.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ