Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 37:9 - BIBELE

9 Yaba Morena o re ho nna: “Porofetela moya; porofeta, wena ngwana motho, o re ho wona: ‘Morena Modimo o bua tjena: Wena moya, foka o etswa qoleng tse nne tsa lefatshe, o phefumolohele ditopo tsena, di tle di phele.’ ”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Yaba o re ho nna: Porofetela moya, o porofete, mora motho; ere ho moya: Morena Jehova o re: Moya, tswa meyeng e mene, o budulele ditopo tsena, hore di phele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 37:9
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha o romela moya wa hao, di a hloleha, mme o ntjhafatse tshobotsi ya lefatshe.


Tsoha wena moya wa leboya, ako tle le wena moya wa borwa! Puputlelang ka serapeng sa ka, menkwane ya sona e phatlallele hohle, moratuwa a ke a tle ka rapeng sa hae, a je tholwana tse monate ka ho fetisa!


Ke tla le nea Moya wa ka, mme le tla phela. Ke tla le ahisa naheng ya lona, kahoo le tla tseba hore nna Morena, ke buile jwalo, mme ke phethahaditse, ho rialo Morena.’ ”


Yaba o re ho nna: “Porofetela masapo ana, o re ho wona: ‘Lona masapo a omeletseng, mamelang lentswe la Morena!


Morena Modimo o bua tjena ho masapo ana: Ke tla budulela moya kahare ho lona, mme le tla boela le phele.


Ka tadima, mme ka bona mesifa le dinama di hlomela hodima wona, le letlalo le a kwahela, empa a ne a sa phefumolohe.


Ha e se e phahame, mmuso wa yona o tla wa, o arolwe dikarolo tse nne. Dikgosi tseo e seng ditloholo tsa kgosi eo di tla busa tulong tsa yona, hobane mmuso wa yona o tla fediswa, o newe dikgosi disele, empa di ke ke tsa eba le matla ao e neng e busa ka wona.


“Na nka ba phemisa, ka ba phemisa Nqalo ya Bafu? Na nka ba lopolla tleneng tse lefu? wena lefu, lokisa mahloko a hao! Wena lebitla, tjhorisa motsu wa hao! Ha ke na ho ba le kutlwelobohloko!


Lengeloi la nkaraba, la re: “Ena ke meya e mene ya lehodimo, e tswang kapele ho Morena wa lefatshe lohle.


Moya o fokela moo o ratang teng, mme o utlwa modumo wa wona, empa ha o tsebe moo o tswang teng le moo o yang teng; e mong le e mong ya tswetsweng ke Moya o jwalo.”


Yaba ho thwe ho nna: “O sa tshwanela ho ya bolela molaetsa kapele ho ditjhaba tse ngata, le mefuta e mengata, le ba dipuo tse ngata, le dikgosi tse ngata.”


Hoba ho fete matsatsi a mararo le halofo, moya o phedisang, o tswang ho Modimo, wa kena ditopong tsa bona, mme tsa ema. Ba neng ba di tadimile ba tshoha haholo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ