Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 37:18 - BIBELE

18 “Ha setjhaba sa heno se re ho wena: ‘A ko re hlalosetse seo o se bolelang ka ketso ena,’

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Etlere ha bana ba letjhaba le heno ba bua le wena, ba re: Na o ke ke wa re hlalosetsa seo o se tshwantshang ka ntho tseo na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 37:18
6 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Wena ngwana motho, na setjhaba sa Iseraele, setjhaba see sa bafetohedi, ha se a ka sa o botsa, sa re: ‘O etsang?’


“Botsa setjhaba sena sa bafetohedi, o re: ‘Na ha le tsebe se bolelwang ke ntho tsee? Bonang mona, kgosi ya Babilona e ile ya fihla Jerusalema, ya thopa kgosi ya Jerusalema le mahosana a yona, bohle ya ba isa Babilona.


Yaba ke re: “Oho, Morena Modimo! Ba ntse ba bua ka nna, ba re: ‘Na ha a ipolelle ditshwantsho feela?’ ”


Yaba setjhaba se a mpotsa, se re: “Na o ka re hlalosetsa hore na dintho tsee tseo o di etsang di re supisa eng?”


“Wena ngwana motho, bua le setjhaba sa heno, o re ho sona: ‘Ha ke etsa hore naha e futuhelwe ka sabole, baahi ba naha eo ba ye ba kgethe e mong wa bona, ba mo etse molebedi.


wena o tle o re ho sona: Morena Modimo o bua tjena: Ke tla nka molamu o ka letsohong la Efraime, e leng molamu wa Josefa le ba morabe wa Iseraele ba thusanang le yena, ke o kopanye le molamu wa Juda, ke e etse molamu o le mong, mme molamu o tla ba mong ka letsohong la ka.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ