Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 36:4 - BIBELE

4 Jwale lona dithaba tsa Iseraele, mamelang lentswe la Morena Modimo: Morena Modimo o bua tjena ho dithaba, le ho maralla, le ho dinoka, le ho dikgohlo, le ho dithako tseo e seng e le masupi, le ho metse e setseng e le feela, e ileng ya fetoha lelobelo le sesomo ho masalla a baditjhaba a le potapotileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 ha ho le jwalo, thaba tsa Iseraele, mamelang lentswe la Morena Jehova! Morena Jehova o re ho dithaba le dithabana, ho melapo le dikgutlo, ho dithako tse feela le ho metse e tlohetsweng, e neetsweng kgapo le sesomo sa masala a ditjhaba tse e teetseng hare ka nqa tsohle;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 36:4
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Re sekgobo ho bao re ahisaneng le bona, re pale le sesomo ho ba re potapotileng.


Yaba ke re: “Morena, e tla ba ho fihlela neng?” Morena a araba, a re: “Ho fihlela metse e fetoha dithako, e sala e se na baahi, matlo a sala a le feela, naha e senngwa, e fetoha nahathothe;


“Morena o bua tjena: ‘Ha dilemo tse mashome a supileng tse baletsweng Babilona di fela, ke tla le hopola, ke phethahatse tshepiso ya ka ya ho le hauhela ke le kgutlisetsa sebakeng sena.


Setjhaba sa ka se ke ke sa hlola se fetoha lelobelo la baditjhaba, le dibatana tsa naha di ke ke tsa se harola. Se tla itulela ka kgotso ho se motho ya se tshosang.


Ke a hlapanya, ho rialo Morena. Dinku tsa ka di fetohile lelobelo, mme di jewa ke dibatana tsohle tsa naha, ka baka la ho hloka modisa. Badisa ha ba a ka ba batla mohlape wa ka, empa ba ile ba iphepa ba le bang, ba se ke ba fepa mohlape wa ka.


“Wena ngwana motho, porofetela dithaba tsa Iseraele, o re: ‘Lona dithaba tsa Iseraele, mamelang lentswe la Morena.


“Ka baka leo, porofetela naha ya Iseraele, mme o bue ho dithaba, le ho maralla, le ho dinoka, le ho dikgohlo, o re: ‘Morena Modimo o bua tjena: Ke bua ka kgalefo le ka lefufa, hobane le ile la nyefolwa ke baditjhaba.


Ke tla otlolla letsoho la ka hodima bona, naha ke e fetole nanaola ho tloha lehwatateng le ka Borwa ho ya Ribela, hohle moo ba phelang teng. Ba tla tseba hore ke nna Morena.”


o re: ‘Lona dithaba tsa Iseraele, mamelang lentswe la Morena Modimo. Morena Modimo o bua tjena ho dithaba le ho maralla, le ho dinoka le ho dikgohlo: Nna ka sebele sa ka, ke tla le bolaya ka sabole, mme ke fedise dibaka tsa lona tsa borapedi.


Empa naha eo le tshelelang ho yona hore e be ya lona, ke naha ya maralla, le dikgohlo, e nwesetswang ke dipula tse tswang lehodimong.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ