Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 36:2 - BIBELE

2 Morena Modimo o bua tjena: Dira di ile tsa tsheha, tsa re: “Aha! Dihlaba tsa boholoholo re di hapile!” ’

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Morena Jehova o re: Erekaha sera se le boletse ka ho re: Haiaha! diphahama tseno tse sa feleng ke leruo la rona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 36:2
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A haha Sehalalelo sa hae a se haha jwaloka leaho la lehodimo, jwaloka lefatshe leo a le theileng, a e theetseng mehla yohle.


ba neng ba ile ba re: “A re ikgapeleng naha ya Modimo, e be ya rona.”


ke hona o tla thabela Morena, a etse hore lefatshe lohle le o hlomphe, o je lefa la ntataomoholo Jakobo.” Ke Morena ya buileng jwalo.


Malebana le Baamone Morena o bua tjena: “Na ebe Iseraele ha e na bara? Na ebe ha e na majalefa? Ho ya kang ha ba kgumamelang Milekome, e le bona ba jeleng lefa la Gade? Ho ya kang ha metseng ya Gade jwale ho se ho phela bona?


Ere ho bona: ‘Mamelang lentswe la Morena Modimo. Morena Modimo o bua tjena: Kahobane le ile la tsheha ha Sehalalelo sa ka se silafatswa, le ha naha ya Iseraele e ripitlwa, le ha ba ntlo ya Juda ba iswa bothopuweng;


“Wena ngwana motho, ha Tire e bua ka Jerusalema e ile ya tsheha, ya re: ‘Jerusalema e ripitlilwe, kgwebo ya yona e fedile, jwale ke tla atleha ha e le mona e fetohile lesupi!’


“ ‘O ile wa re: “Ditjhaba tsena tse pedi le dinaha tsena tse pedi e tla ba tsa ka, mme re tla di hapa,” le hoja nna Morena, ke ne ke ntse ke le teng.


Le wena o tla tseba hore nna Morena, ke utlwile dinyefelo tsohle tseo o ileng wa nyefola dithaba tsa Iseraele ka tsona, wa re: “Di fetohile matswatlare; re di neilwe hore re di lobele.”


“Wena ngwana motho, porofetela dithaba tsa Iseraele, o re: ‘Lona dithaba tsa Iseraele, mamelang lentswe la Morena.


“ ‘Ka baka leo, Morena Modimo o bua tjena: Ka baka la poulelo ya ka e kgolo, ke buile ke halefetse ditjhaba tse ding le Edomo yohle, hobane ka monyaka le ka ho tella ho hoholo ba ikgapetse naha ya ka, e le hore ba tle ba inkele makgulo a yona.’


Mohla tjhaba sa ka se wetsweng ke koduwa, o se ke wa kena ka dikgoro tsa sona; mohla tjhaba sa ka se leng hara bomadimabe, o se ke wa se somela bomadimabe boo; le mohla se leng hara ditlokotsi, o se ke wa ikgapela maruo a sona.


Morena Modimo ke yena ya mmatlafatsang, ya potlakisang maoto a ka jwaloka a dikgama, ya ntsamaisang hodima dihlaba. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka diletsa tsa dikgwele.


“A mo etsa mmusi wa phahama tsa lefatshe, a phela ka ho ja mabehwa-ke-naha; a mo momontsha mahe a dinotshi a etswa lefikeng, a mo fa ole e etswa fikeng la moralla;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ