Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 34:4 - BIBELE

4 Ha le matlafatse tse tsetang, tse kulang ha le di phekole, tse robehileng ha le di tlamise, tse kgelohileng ha le di phuthe, tsa malahleha ha le di batle, empa le di kganna ka thata, le a di hlekefetsa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Dinku tse tepeletseng ha le di natlafatse; e kulang ha le e phekole; le e leqeba ha le e tlamelle; ha le late e kgelohileng, leha e le ho batla e lahlehileng; le mpa le di busa ka thata le ka sehlooho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 34:4
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Le sa tla boela le otlwa hokae, ha le ntse le pheella ho mo fetohela? Hlooho yohle e se tletse maoma, mmele wohle le wona o a kula.


Mohlang oo eo o tla meketsa, a re: “Ha nka ke ka ba pheko ya lona, lapeng ha ka ha ke na dijo le seaparo, o ke ke wa nketsa mmusi, mmusi wa tjhaba sena!”


Balebedi ba Iseraele ba foufetse, ha ba na tsebo, ke ntja tsa dimumu, ha di tsebe ho bohola, di a robala, di bothe, di ithatela boroko.


“Ho madimabe ya hahang ntlo ya hae ka bolotsana, a hahe disolloro tsa yona ka bomenemene; ya etsang hore mohahabo a sebeletse lelea, ya sa lefeng moputso wa mosebeletsi wa hae.


Na ebe Gileade ha ho sa na meriana? Na ebe ngaka le yona ha e yo naheng eo? Ke ka baka lang tjhaba sa ka se sa phekolweng?


Dinyane la feresa kahara ditau tse kgolo, la hola, la ba la fetoha tawana; tawana ya ithuta ho tsoma le ho harola, ya harola, ya eba sejabatho.


Qhobosheane tsa bona ya di heletsa, metse ya bona le yona ya e ripitla. Baahi bohle ba naha eo ba tshoha, ba tshoswa ke tawana ha e puruma.


Tsa e kenya ka mokibeng e le mahlaahlela, tsa e isa ho kgosi ya Babilona; tsa a hlahlela ka tjhankaneng ho puruma ha yona ho se ke ha utlwahala, ho se utlwahale thabeng tsa Iseraele.


“Ke tla batla tse lahlehileng, ke phuthe tse kgelohileng, ke tlamise tse robehileng, ke matlafatse tse tsetang. Ha e le tse nonneng, tse matla, tsona ke tla di bolaya. Ke tla alosa mohlape wa ka ka toka.


O se ke wa ba sotla, o mpe o tshabe Modimo wa hao.


le mpe le ye dinkung tse lahlehileng tsa ntlo ya Iseraele.


“Balemi ba tshwara bahlanka ba hae; ba kgakgatha e mong, ba bolaya e mong, mme ba tlepetsa e mong ka majwe.


ebe o qala ho otla balekane ba hae ba bohlanka, mme a je, a nwe le matahwa.


Ha a bona batho, a ba utlwela bohloko, hobane ba ne ba kgathetse matla, ba saretswe jwaloka dinku tse se nang modisa.


Ditabeng tsa tumelo ya lona, re batla ho sebedisana le lona ka mokgwa o le thabisang, e seng ho le qobella; etswe le se le eme le tiile tumelong.


Ka baka leo, phahamisang matsoho a lona a kgathetseng, le matlafatse mangwele a lona a rerekelang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ