Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 34:3 - BIBELE

3 Lona le ja mafureng, le apara tsa boya, le hlaba tse nonneng, empa ha le fepe mohlape.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Le ja mafura, le ikapesa ka boya; le hlaba tse nonneng, empa ha le dise mohlape.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 34:3
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kantle ho sebe seo a entseng hore ba morabe wa Juda ba se etse, Manase o entse bobe mahlong a Morena, a tsholla madi a mangata a se nang molato, hoo a ileng a phalla kahohle motseng wa Jerusalema.


Moloko o teng o meno a kang disabole, oo a mohlaare a kang dithipa, ho harola bafumanehi lefatsheng, le bahloki ba phelang hara setjhaba.


Lona baahi ba Sodoma, mamelang polelo tsa Morena! Lona tjhaba sa Gomora, mamelang molao wa Modimo wa rona!


Ha le phahamisa matsoho ho ipiletsa ho nna, ke tla ipata sefahleho; leha le ka etsa dithapelo tse ngata, nke ke be ka le mamela, matsoho a lona a kganathetse madi.


“Ke otlile bara ba lona, empa thuso ha e yo; kgalemelo ya ka ba hanne ho e mamela; sabole tsa lona di jele baporofeta ba lona, tsa ba ja sa tau e harolakang.


“Mahlo a hao le pelo di buswa ke meharo ya hao, di buswa ke ho tsholla madi a se na molato, di buswa ke kgatello le tlhokofatso ya batho.”


Di kenwe ka baka la dibe tsa baporofeta ba wona, ka baka la makgopo a baprista ba wona, ba tsholotseng madi a ba lokileng, ba a tsholla hara motse wa Jerusalema.


Le leng la madinyane a hae a le hodisa, la fetoha tawana; tawana ya ithuta ho tsoma le ho harola, ya harola, ya eba sejabatho.


Dinyane la feresa kahara ditau tse kgolo, la hola, la ba la fetoha tawana; tawana ya ithuta ho tsoma le ho harola, ya harola, ya eba sejabatho.


Le paqama mealong e kgabisitsweng, e kgabisitsweng ka manaka a tlou; le kakalla tulong tsa lona, tulong tse butshabutsha, le ja nama ya dikonyana e bonojwana, le je le ya manamane a nontshitsweng.


Mahosana a wona ke tau tse purumang baahlodi ba wona ke phiri tse jang bosiu, ere bo esa di be di jele di qetile.


Ke tla boela ke bea modisa e mong naheng ena. Yena ha a ka ke a tsotella tse lahlehileng, kapa a batla dikonyana, kapa a phekola tse robehileng, kapa a fepa tse phelang hantle. O tla itjella dinku tse nonneng, a ba kokone le dikgolana tsa tsona.


Ba o rekang ba a o hlaba, ebe ba re ha ba na molato. Ba o rekisang, bona ba re: ‘Ho bokwe Morena, jwale re barui!’ Badisa ba wona le bona ha ba o qenehele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ