Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 33:9 - BIBELE

9 Empa ha o eletsa ya kgopo, feela a sa kgutle bokgopong ba hae, o tla shwa ka baka la sebe sa hae, empa wena o tla be o ipholositse.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ha o mpa o eletsa molotsana hore a furalle mokgwa wa hae, leha a ke ke a furalla tsela ya hae, yena o tla timela ka bokgopo ba hae, empa wena etlaba o pholositse moya wa hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 33:9
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ya kgelohang tsela o tla otlwa haholo, ya hloileng kgalemo yena o tla timela.


Motho ya nnileng a kgalengwa empa a satalatsa molala, hanghang o tla welwa ke kotsi, pheko e be siyo.


Empa ha o eletsa ya kgopo, feela a sa kgutle bokgopong ba hae, kapa tseleng tsa hae tse kgopo, o tla shwa ka baka la sebe sa hae, empa wena o tla be o ipholositse.


Empa haeba o eletsa ya lokileng hore a se ke a etsa sebe, mme a fela a sa se etse, o tla phela, hobane o ile a eletseha, mme wena o ipholositse.”


Ha a bona naha e futuhelwa ka sabole, o ye a letse lenaka, a hlabele setjhaba mokgosi.


Mang le mang ya utlwang modumo wa lenaka, empa a sa tsotelle mokgosi oo, mme eba o bolawa ka sabole, e tla ba ke yena ya ipolaileng.


Le teng haeba molebedi a bona ho futuhelwa setjhaba ka sabole, feela a sa letse lenaka ho hlabela setjhaba mokgosi, eba motho e mong o bolawa ka sabole, motho eo o tla shwa ka baka la bokgopo ba hae, empa madi a motho eo wona ke tla a batla ho molebedi eo.’


“Empa mohlanka eo ya tsebileng thato ya monga hae, yaba ha a lokise leha e le ho etsa ho ya ka thato eo, o tla shapuwa haholo;


Ke ka baka leo ke itseng ho lona: Le tla shwela dibeng tsa lona, hobane ha le sa dumele hore e ntse e le nna, le tla shwela dibeng tsa lona.”


Ka baka leo, hlokomelang, esere la hlahelwa ke se neng se bolelwe ke baporofeta:


“ ‘Tadimang, lona banyedisi ting! Makalang, le be le timele! Ke etsa ho hong mehleng ena ya hao; ke etsa hoo o neng o ke ke wa ho dumela, leha o ne o ka ba wa ho bolellwa.’ ”


Yaba Paulosi le Baranabase ba bua ka sebete, ba re: “Ho ne ho tshwanetse hore lentswe la Modimo le bolelwe ho lona pele, empa erekaha le le hana, le ikahlola hore ha le lokelwe ke bophelo bo sa feleng; bonang, re ya ho baditjhaba.


Ka baka leo, ke etsa bopaki ho lona ka tsatsi lena, hore ha ke na molato mading a lona bohle,


Bana beso, re a le rapela hore le kgalemele dikgoba, le kgothatse ba nyahameng dipelo, le thuse ba fokolang, le mamelle bohle.


Hlokomelang, le se ke la hana ho mamela ya buang. Baiseraele ba ileng ba hana ho mamela, ha a ba lemosa a le lefatsheng, ha ba a ka ba phonyoha. Jwale ebe rona re ka phonyoha jwang, haeba re furalla ya re lemosang a le lehodimong?


Jwale rona re tla phonyoha jwang, ha re eisa ho pholoswa ho hoholo hakaalo, hoo Morena e bileng wa pele ho ho bolela, mme ra ho pakelwa ka ho tiya ke ba ho utlwileng?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ