Ezekiele 32:26 - BIBELE26 “Mesheke le Tubale le tsona di teng, mmoho le mabotho wohle a tsona. Di teetswe hare ke mabitla a bahlabani ba tsona; kaofela ha bona ke maqai a bolailweng ka sabole, le hoja ba ile ba tshosa batho ba phelang lefatsheng. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)26 Mesheke o teng, le yena Tubale, le bongata bohle ba batho ba hae; ba teetswe hare ke mabitla a bona. Bohle ke maqai, ba bolailwe ke lerumo; hobane ba ne ba hasanya letsoso la bona lefatsheng la ba utlwang. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
“Ke tla etsa pontsho hara bona, ba phonyohileng ke ba romele ditjhabeng tsa Tarshishe, le Pule, le Lode, e leng tsona tse tummeng ka ho fula ka metsu. Ke tla ba romela Tubale le Jafane, le dihlekehlekeng tse hole, tse eso utlwe botumo ba ka, tse eso bone le yona tlotla ya ka; ba tla phatlalatsa tlotla ya ka hara ditjhaba.