Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 32:25 - BIBELE

25 Elame e abetswe diphate hara ba bolailweng le mabotho wohle a yona. E teetswe hare ke mabitla a bona; kaofela ha bona ke maqai a bolailweng ka sabole. Le hoja ba ile ba tshosa batho ba phelang lefatsheng, jwale ba jere sekgobo sa bona mmoho le ba theohetseng lebitleng. Elame e beilwe hara ba bolailweng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 O beetswe malao mahareng a ba bolailweng hammoho le bongata bohle ba hae; o teetswe hare ke mabitla a batho ba hae. Kaofela ha bona ke maqai, ba bolailwe ke lerumo, hobane letsoso la bona le ne le hasane lefatsheng la ba utlwang, mme ba jere dihlong tsa bona hammoho le ba theohetseng sehokong; ba beilwe hara ba bolailweng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 32:25
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Le se ke le e bolela Gate, le se e phatlalatse terateng tsa Ashekelone, esere baradi ba Bafilesita ba nyakalla, baradi ba maqai ba didietsa.


Yaba Saule o re ho mojari wa dihlomo tsa hae: “Nka sabole ya hao, o ntlhabe, esere maqai ana a fihla a nqetela, mme ka tlontloloha.” Empa mojari wa dihlomo tsa hae a hana, hobane o ne a tshohile haholo. Ka baka leo, Saule a nka sabole ya hae, a itihela hodima yona.


Ha nka nyolohela mahodimong, o teng moo; leha nka theohela Nqalong ya Bafu, le teng o teng.


Ere ho tsona: “ ‘Eo le mo fetang ka botjaka ke mang? Theohelang, le yo rapalla hara maqai!’


Dinatla tsa bahlabani ba Nqalong ya Bafu di tla bua ka Faro le ba thusanang le yena, di re: ‘Ba theohetse mona, mme ba rapaletse le maqai a bolailweng ka sabole.’


“Elame le yona e teng, mabotho a yona a teetse lebitla la yona hare. Kaofela ha bona ba bolailwe ka sabole, ba theohela Nqalong ya Bafu e ntse le maqai; bona ba kileng ba tshosa batho ba phelang lefatsheng; jwale ba jere sekgobo sa bona mmoho le ba theohetseng mohohlong.


Ka Sehalalelong sa ka le kentse baditjhaba ba sa bollang dipelong le nameng; le silafaditse Tempele ya ka ha le nnyehella ka dijo, ka mafura le ka madi, mme le sentse selekane sa ka ka baka la manyala a lona wohle.


“ ‘Morena Modimo o bua tjena: Ho se be moditjhaba ya sa bollang pelong le nameng ya ka kenang ka Sehalalelong sa ka, esita leha e ka ba moditjhaba ofe kapa ofe ya phelang hara bana ba Iseraele.’ ”


“Lona ba manganga, ba pelo di thata, le tsebe tse sa mameleng jwaloka tsa bahedene, kamehla le lona le hlola le hanyetsa Moya o Halalelang, jwaloka bo-ntata lona!


Bona, ke mo akgela diphateng tsa bohloko, mme ba etsang bohlola le yena ke tla ba kenya matshwenyehong a maholo, haese ha ba ka bakela diketso tsa bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ