Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 32:2 - BIBELE

2 “Wena ngwana motho, binela Faro, kgosi ya Egepeta, kodi-ya-malla, o re: “ ‘O tshwana le tawana hara ditjhaba, athe o ka kganyapa e phelang mawatleng, e thalang kahara dinoka tsa yona, e tuduanyang metsi ka maoto a yona, e dukang dinoka e be dikgotlela.’

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Mora motho, etsa pina ya kodiyamalla ka Faro, morena wa Egepeta, o re ho yena: O ne o tshwana le tau hara ditjhaba; o ne o le jwaloka kwena mawatleng, o thala dinokeng tsa hao, o duka metsi ka maoto a hao, o etsa dinoka tsa heno dikgotlela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 32:2
27 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Juda ke tawana! O nyolohetse thabeng, mora wa ka, o tswa hapa; o a borama, o qatjhama jwaloka tau, mme, jwaloka tauhadi, o ka tsoswa ke mang?


Maphutha a tlalo la yona a momahane, a sataletse, a ke ke a sisinyeha.


“Ebe nna ke lewatle kapa kganyapa, ha o mpeetse balebedi ho ntisa?


Motho ya lokileng, ya suthelang ya kgopo tsela, ke diba se dukehileng kapa mohlodi o silafetseng.


Jwalokaha tau e puruma le bere e kgobolaka, mmusi ya kgopo o jwalo ha a busa bafumanehi.


Ke tau, batana se matla ho feta tsohle, eo ho seng letho leo e ka le balehang;


Ka tsatsi leo, Morena o tla bolaya kganyapa, a e bolaye ka sabole e bohale, e kgolo, e sefea, kganyapa, noha e tjhalametsang, kganyapa, noha e bothang e ikgarile, ke yena ya tla bolaya sebata sa lewatleng.


Morena tsoha! Tsoha o re thusetse ka tsoho la hao le matla! O tsohe jwaloka mehleng ya kgalekgale, o tsohe jwaloka melokong ya boholoholo. Na hase wena ya neng a kgabelake Rahaba? Na hase wena ya neng a kgehlepele kganyapa?


Tau e tswile selaong sa yona, motimetsi wa ditjhaba o futuhile; o tswile hae ho senya naha ya hao, metse e be masupi, e hloke baahi.


“Ke mang eo ya tlang sa noka ya Nile e sabaletse, ya tlang sa noka tsa metsi a bilohang?


Ke Egepeta e tlang sa Nile e sabaletse, e tlang sa noka tsa metsi a bilohang.” Egepeta e re: “Ke tla saballa, ke aparele lefatshe, metse ke e timetse mmoho le baahi ba yona.”


Basadi bao ba potlake ba re llele, keledi di keleketle marameng a rona, kgapha di phorosele di etswa ntshing tsa rona.


A tla o binela kodi-ya-malla, a re: “ ‘O ripitlilwe jwang wena motse o tummeng, oo baahi ba wona e leng banna ba lewatle, wena o neng o le sehanyata, sehanyata lewatleng, o le sehanyata mmoho le baahi ba hao? Bohle ba phelang lewatleng ba a o tshaba!


“Wena ngwana motho, binela Tire kodi-ya-malla.


Dillong tseo tsa bona tsa bofifi, ba tla o binela kodi-ya-malla, ba re: “Ke motse ofe o kila timetswa sa Tire, wa timeletswa bodibeng ba lewatle?”


“Wena ngwana motho, binela kgosi ya Tire kodi-ya-malla, o re ho yona: ‘Morena Modimo o bua tjena: “ ‘Botho ba hao bo ne bo phethehile, bohlale ba hao bo se na tekanyo, botle ba hao le bona bo ritelehile.


E tla ba mmuso o fokolang ho feta mebuso yohle, mme o ke ke wa hlola o busa ditjhaba tse ding, hobane ke tla o fokodisa hoo o ke keng wa hlola o tseba ho busa ditjhaba tse ding.


O mmolelle, o re: ‘Morena Modimo o bua tjena: “ ‘Wena Faro, kgosi ya Egepeta, moraparapa wa kganyapa o phelang dinokeng, o ithorisang ka ho re: “Noka ena ke ya ka, ke nna ka seqo ya iketseditseng yona,” tseba, wena Faro, hore ke a o lwantsha!


“Ena ke kodi-ya-malla eo ba tla e binela Egepeta. Basadi ba baditjhaba ba tla e bina, ba llele Egepeta le setjhaba sohle sa yona, ho rialo Morena.”


“Wena ngwana motho, llela setjhaba sa Egepeta, ebe o se romela Nqalong ya Bafu mmoho le baradi ba ditjhaba tse ding tse matla, tse theohetseng mohohlong.


Na ha ho a lekana hore le fule makgulong a matala? Na le tshwanela ho nna le hatakela ka maoto makgulo a setseng? Na ha ho a lekana hore le nwe metsi a hlwekileng? Na le tshwanela ho duka ka maoto metsi a setseng?


Sheba le Dedane le bahwedi ba Tarashishe le bahale bohle ba yona, ba tla re ho wena: “Na o tlile ho re lobela? Na o phuthile mabotho a hao ho tla ikgapela silefera le kgauta, le diphoofolo le thepa, le ho inkela kgapo e ngata?” ’


A borame, a qatjhame jwaloka tau, le jwaloka tauhadi. Ke mang ya tla mo tsosa? “Ya o hlohonolofatsang a hlohonolofatswe, ya o rohakang a rohakwe!”


“Ha ho le jwalo, mang le mang ya utlwang dipolelo tsena tsa ka, a di phetha, o tla tshwantshwa le motho ya bohlale, ya ileng a haha ntlo ya hae hodima letlapa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ