Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 32:13 - BIBELE

13 Kgomo tsa hao tsohle ke tla di bolaya, kgomo tse pela motlaputlapu, motlaputlapu wa metsi; ha a sa tla dukwa ke leoto la motho, ha a sa tla dukwa ke tlhako ya kgomo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Ke tla fedisa dikgomo tsohle tsa teng pela metsi a maholo; ha a sa tla dukwa ke leoto la motho, ha ho sa tla ba kgomo e a dukang ka tlhako ya yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 32:13
6 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha ho motho kapa phoofolo e tla ke e hate hodima yona, mme Egepeta ha e ka ke ya hlola e eba le baahi ka dilemo tse mashome a mane.


“ ‘Ka baka lena, Morena Modimo o bua tjena: Ke tla o bolaya ka sabole, ke bolaye setjhaba sa hao le diphoofolo tsa sona.


Melatswana ya noka ya Nile ke tla e pshesa, ke neelane ka naha matsohong a ba kgopo. Naha le tsohle tsa yona ke tla di etsa nanaola, ke di etse nanaola ka tsoho la baditjhaba, ke nna Morena ya buileng jwalo.


Ke tla hlwekisa metsi, maduke a fele, dinoka tsa teng di phalle jwaloka ole, ho rialo Morena Modimo.


“Wena ngwana motho, binela Faro, kgosi ya Egepeta, kodi-ya-malla, o re: “ ‘O tshwana le tawana hara ditjhaba, athe o ka kganyapa e phelang mawatleng, e thalang kahara dinoka tsa yona, e tuduanyang metsi ka maoto a yona, e dukang dinoka e be dikgotlela.’


Na ha ho a lekana hore le fule makgulong a matala? Na le tshwanela ho nna le hatakela ka maoto makgulo a setseng? Na ha ho a lekana hore le nwe metsi a hlwekileng? Na le tshwanela ho duka ka maoto metsi a setseng?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ