Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 32:11 - BIBELE

11 “ ‘Kahoo Morena Modimo o bua tjena: “ ‘Kgosi ya Babilona e tla le futuhela, e le futuhele e nkile sabole.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Hobane Morena Jehova o re: Lerumo la morena wa Babilona le a o futuhela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 32:11
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

ebe o re ho bona: ‘Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Bonang, ke tla tlisa mohlanka wa ka Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, mme ke tla bea terone ya hae hodima majwe ana ao ke a tsetetseng; yena o tla hloma tente ya hae ya bokgosi hodima wona.


Lena ke lentswe la Morena, leo a le buileng ho moporofeta Jeremia, la hore Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, o tla futuhela Egepeta:


Morena Modimo o bua tjena: “Ke tla tlisa Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, kgosi ya dikgosi, a etswa leboya, a tlo futuhela Tire ka dipere le ka dikariki tsa ntwa, ka bapalami ba dipere le ka lebotho le leholo.


Ka baka lena, Morena Modimo o bua tjena: Naha ya Egepeta ke tla e nea Nebukadenesare, kgosi ya Babilona. O tla hapa matlotlo a yona, a lobele dintho tsa yona, mme tsena e be moputso wa bahlabani ba hae.


Egepeta e tla futuhelwa e futuhelwe ka disabole, Kushe yona e aparelwe ke ditlokotsi, ha banna ba ewa mofela naheng ya Egepeta, matlotlo a yona ba a lobela, metheo ya yona ba e fata, ba e heletsa!


ke ile ka e leleka, ka neelana ka yona matsohong a eo e leng senatla hara baditjhaba; yena o tla etsa seo a se ratang ka kedare eo ho ya ka bokgopo ba yona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ