Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 32:10 - BIBELE

10 Ke tla etsa hore tjhaba tse ngata di o makalle, kgosi tsa tsona di thothomele ke tshabo, ha ke tsokotsa sabole ya ka kapele ho tsona. Mohla tsatsi la timelo ya hao, batho ba tla thothomela ka nako tsohle, motho ka mong a thothomele ke tshabo, a thothomele ke ho tshaba lefu la hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Hape, ke tla makatsa matjhaba a mangata ka wena, marena a wona a qhaqhasele ka baka la hao mohla ke nonyang lerumo la ka pontsheng ya wona; a tla thothomela ka dinako tsohle, e mong le e mong bakeng sa bophelo ba hae, mohla letsatsi la ho wa ha hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 32:10
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ntlo ena, leha e phahame hakana, e tla fetoha lesupi. Bohle ba fetang pela yona ba tla kgotsa, ba nyeketholotse, ba re: ‘Ke ka lebaka lang Morena a entseng naha ee tjee, le ntlo ee tjee?’


Ha Morena a ba otla ka molamu wa hae, ho tla thoholetswa ka meropa le diharepa, mme Morena ke yena ya tla ba kgakgatha ka molamu wa hae.


“ ‘Re ka be re ile ra e phekola, empa Babilona ha e ka ke ya phekoleha; a re e tloheleng ke hona he, motho ka mong a kgutlele naheng ya habo, hobane kotlo tsa Babilona ke mohlomelo, di fihla mahodimong, di lopalletse hodimo ho ya fihla marung!’


Mahosana wohle a mabopong a lewatle a tla theoha diteroneng tsa wona, a hlobole diaparo tsa wona tsa bohosana le tse homilweng. A tla dula fatshe a tshohile haholo, a ntse a thothomela ka dinako tsohle, a o makaletse.


Batho bohle ba ahileng mabopong a lewatle, pheletso ena ya hao e ba tshositse; dikgosi tsa bona di tetemisa dirope, fahleho tsa tsona di tsunkantswe ke letswalo.


“ ‘Mohla tsatsi leo ke tla roma maqosa ka dikepe ho ya tshosa Bakushe ba iketlileng. Ba tla aparelwa ke ditlokotsi mohla tsatsi leo la ho timetswa ha Egepeta, hobane ruri lona ho tla le a tla.


Wena fate sa phaena, bokolla, o lle hobane kedare e robehile, difate tse bohehang di suhlamane! Lona eike tsa Bashane bokollang hobane moru o opaneng o kgethutswe!


Jwale ditjhaba tsohle di tla re: ‘Ke ka baka lang, ha Morena a entse naha ee tjee? Kgalefo e kaalekaale e bolelang?’


Ke tla leotsa sabole ya ka ya lebenyane, ke tshware kahlolo ka letsohong la ka, ke iphetetse ho dira tsa ka, ba ntlhoileng ke ba buseletse.


Di tla ema hole, ka baka la ho tshaba tlhokofatso ya yona, di re: “ ‘O madimabe! O madimabe! Wena Babilona, motse o moholo, motse o matla! Kahlolo ya hao e phethahaditswe ka nako ya hora feela!’


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ