Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 31:8 - BIBELE

8 Kedare tsa rapa sa Modimo di ne di sa e fete, le fate tsa hoki di sa ke makala a yona, le difate feela di sa ke makala a yona; botle ba difate tsa rapa sa Modimo bo ne bo ke ke ba ka botle ba yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Dikedare tse ding tsa tshimo ya Modimo di ne di sa e fete; dikiprese le tsona di ne di se na ho lekanngwa le makalana a yona, disikomora di ne di sa lekane le makala a yona; ho ne ho se sefate tshimong ya Modimo se neng se tshwana le yona botleng ba yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 31:8
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Lota a phahamisa mahlo, mme a bona phula yohle ya Jorodane e ena le metsi a mangata, jwaloka serapa sa Morena, le jwaloka Egepeta, ho ya fihla Soware. E ne e le pele Morena a timetsa Sodoma le Gomora.


Ke bone motho ya kgopo, motho wa mohatelli, a atleha sa fate sa leholela;


O ile wa o lokisetsa mobu, metso ya teba, yaba wona o tlala naha.


Tlhafu tsa hae di tshwana le tshiya tsa mahakwe, tse hodima tshehetso tsa kgauta e hlwekisitswe; bopeho sa hae se kgahleha sa naha ya Lebanone, se kgethehile jwaloka kedare tsa Lebanone.


“E, Morena o tla utlwela Sione bohloko, a utlwele bohloko masupi wohle a yona, mafeella ao a a fetole a be jwaloka Edene, mahwatata a yona a be jwaloka rapa sa Morena. Thabo le nyakallo di tla fumanwa ho yona, ho utlwahale mantswe a pina tsa diteboho.


O no phela Edene, rapeng sa Modimo, mekgabo ya hao e le mahakwe a bohlokwa: dirubi, didaemane le ditopase; berile, kareneleane, le jasepere; safire, emeraleda le karanete. Mekgabiso ya hae e ne e le ya kgauta, tsena tsohle o no di etsetswe, wa di etsetswa mohla tlholeho ya hao.


Ka etsa hore ditjhaba di thothomele ha di utlwa modumo wa ho wa ha kedare eo, ha ke e lahlela ka lebitleng mmoho le ba theohelang mohohlong. Jwale difate tshole tsa Edene, le tse ntlentle, tse kgahlehang tsa Lebanone, tsohle tse nwesetswang, tse ka mohohlong, di tla thabela ho wa ha kedare eo.


“ ‘Ke sefe sa difate tsa Edene se ka tshwantshwang le wena ka boholo le ka tlotla? Empa o tla theohela lebitleng le difate tsa Edene; o tla rapalla hara maqai le hara ba ileng ba bolawa ka sabole. “ ‘Enwa ke Faro le setjhaba sa hae sohle, ho rialo Morena Modimo.’ ”


Bona Asiria eo e ne e le kedare ya Lebanone, e makala a matle, a thathaletseng; e ne e phahame haholo, e fihla marung, e tswile ka mahetla hara mahlaku a teteaneng.


Boholo ba yona bo ne bo kgahleha haholo, le makala a yona a le malelelehadi, hoba motso wa yona o ne o le metsing a mangata.


“Ya nang le ditsebe a ke a utlwe seo Moya o Halalelang o se bolellang dikereke. Ya hlolang ke tla mo nea tokelo ya ho ja sefate sa bophelo, se ka paradeising ya Modimo.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ