Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 31:6 - BIBELE

6 Nonyana tsohle tsa hahela makaleng a yona, batana tsohle tsa tswalla tlasa makala a yona, tjhaba tsohle tse kgolo tsa dula moriting wa yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Makaleng a yona, dinonyana tsohle tsa tla etsa matlo a tsona, diphoofolo tsohle tsa naha tsa tla tswalla tlasa makala a yona, ha ikahela ditjhaba tsohle moriting wa yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 31:6
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Dinonyana di etsa dihlaha ho tsona, mekotatsie e phela hodima difate.


Ke tla le hloma thabeng, thabeng e phahameng ya Iseraele; le tla mela makala, le behe ditholwana, le hole, e be sefate se kgahlehang sa kedare. Nonyana tsohle di tla hahela makaleng a sona, di dule moriting wa makala a sona.


Dinonyana tsohle tse fofang di tla sala sefateng seo se robehileng, dibatana tsohle tsa naha di sale hara makala a sona.


Baditjhaba bohle ba neng ba dula moriting wa sefate sena, ba thusana le sona, le bona ba ile lebitleng le sona, ho ba neng ba bolawe ka sabole.


Boholo ba yona bo ne bo kgahleha haholo, le makala a yona a le malelelehadi, hoba motso wa yona o ne o le metsing a mangata.


“Ha ke ntse ke robetse diphateng tsa ka ke ile ka bona dipono tsena: Ka tadima, mme ka bona sefate se metse bohareng ba lefatshe, se le selelele haholo.


Mahlaku a sona a ne a kgahleha, se behile haholo, mme ditholwana tsa sona di lekane ho jewa ke bohle. Dibatana tsa naha di ne di itshireletsa moriting wa sona, le dinonyana tse fofang di hahetse makaleng a sona, le dibopuwa tsohle di phela ka sona.


Mahlaku a sona a ne a kgahleha, se behile haholo, mme ditholwana tsa sona di lekane ho jewa ke bohle; dibatana tsa naha di ema moriting wa sona, le dinonyana tse fofang di hahetse makaleng a sona.


Ke yona e nyenyane ho feta dipeo tsohle, empa ha e se e hotse, e feta ditlama tse ding tsohle ka boholo, e be sefate seo dinonyana tse fofang di ahelang makaleng a sona.”


Empa ha e se e jadilwe e a mela, e be kgolo ho feta ditlama tsohle; e etse makala a maholo, hoo dinonyana tse fofang di ka tsebang ho ahela moriting wa wona.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ