Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 30:5 - BIBELE

5 “ ‘Banna ba Kushe, ba Pute le ba Lode, ba mefuta yohle le ba Kube, le banna ba naha e itlammeng ka selekane, ba tla bolawa le Baegepeta, ba bolawe ka disabole.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Bakushe, Baputhe, Balude, le Baarabia kaofela, le Bakube le bana ba lefatshe la selekane, ba tla wa ka lerumo hammoho le bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 30:5
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A futuha ka dikariki tsa ntwa tse sekete le makgolo a mabedi, le ka bahlabani ba palamang dipere ba dikete tse mashome a tsheletseng. O ne a ena le setjhaba se neng se ke ke sa balwa ke bongata, se tlileng le yena ho tswa Egepeta, e le Balebia, le Basuke, le Bakushe.


Jo! Naha ya kokwanyana tse bobolang, naha e mose ho dinoka tsa Kushe,


ka mokgwa o jwalo kgosi ya Asiria e tla thopa batho ba Egepeta le ba Kushe, bana le maqheku, e ba thope ba hlobotse, ba sa rwala letho maotong, dibono di le kantle, e le ho hlabisa Baegepeta dihlong.


le melata yohle e Egepeta, le dikgosi tsohle tsa naha ya Use, le dikgosi tsohle tsa naha ya Filesitiya, le Ashekelone, le Asa, le Ekerone, le masalla a Ashedode,


le dikgosi tsohle tsa Arabia, le dikgosi tsohle tsa merabe esele a ahileng lehwatateng,


Bonang, ho ba hlokomela ha ka, e tla ba ho ba tlisetsang bobe, e seng botle. Banna bohle ba morabe wa Juda, ba leng naheng ena ya Egepeta, ba tla bolawa ka sabole, ba bolawe ke sekoboto, ho fihlela ba felella bohle.


Morena o re: Futuhang lona banna ba dipere! Kgannang ka sekgahla lona ba dikariki! Teolohang lona banna ba bahlabani, banna ba Kushe le ba Pute, matshwarathebe, banna ba Lode ba fulang ka diqha!


Sabole e supile le dipere tsa bona, ya supa le tsona kariki tsa bona tsa ntwa; e supile bohle bao e leng melata, kaofela ha bona ba tla fetoha basadi! Sabole e supile matlotlo a Babilona, kaofela ha wona matlotlo ana a tla hapuwa!


“ ‘Banna ba Peresiya, le banna ba Lode le Pute, e ne le bahlabani ba mabotho a hao; dithebe le katiba tsa bona tsa tshepe ba di fanyeha maboteng a hao, ba di fanyeha, ba o tlotla ka tsona.


Peresiya le Kushe le Pute di tla ba le bona, bohle ba le dithebe le dikatiba tsa tshepe,


E tla ikgapela matlotlo a kgauta le a silefera, le maruo wohle a bohlokwa a Egepeta, mme Balebia le Bakushe ba tla e sebeletsa.


“Le lona Bakushe le tla timetswa, sabole ya Morena e le bolaye.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ