Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 30:4 - BIBELE

4 Egepeta e tla futuhelwa e futuhelwe ka disabole, Kushe yona e aparelwe ke ditlokotsi, ha banna ba ewa mofela naheng ya Egepeta, matlotlo a yona ba a lobela, metheo ya yona ba e fata, ba e heletsa!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Lerumo le tla tlela Egepeta, Kushe a bidikane ke bohloko, mohla ba bolawang, ba welang fatshe Egepeta, le mohla ho tshwarwang bongata ba batho ba teng, mme metheo ya teng e epollwang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 30:4
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kahoo tjhaba sa Moabe se tla itelela, bohle ba itelele ba le mmoho, ba llela dijo tse monate tsa Kire-Harese, ba lla pelo tsa bona di le bohloko.


Jo! Naha ya kokwanyana tse bobolang, naha e mose ho dinoka tsa Kushe,


“Ke tla qabanya Moegepeta le Moegepeta, ngwanabo motho a lwantshane le ngwanabo, motho a lwantshane le ya ahisaneng le yena, motse o futuhele motse, mmuso o futuhele o mong.


Yaba Morena o re: “Jwalokaha Esaya, mohlanka wa ka, a ile a tsamaya ka dilemo tse tharo a hlobotse, a sa rwala letho maotong, hoo e le pontsho le sesupo se etsetswang Egepeta le Kushe;


Morena o re: Futuhang lona banna ba dipere! Kgannang ka sekgahla lona ba dikariki! Teolohang lona banna ba bahlabani, banna ba Kushe le ba Pute, matshwarathebe, banna ba Lode ba fulang ka diqha!


Hlabelang Babilona mokgosi kahohle! E a inehela, tora tsa yona di a heleha, le marako a yona a a heletswa, hobane phetetso ena ke ya Morena. Le lona iphetetseng ho yona, le e etse seo e se entseng ba bang.


Sidone ke tla e dihela lefu, ke e dihele lefu la sewa, madi a phalle diterateng tsa yona. Babolauwa e tla ba mofela, e be mofela diterateng, kahohle sabole e tla ba bolaya; kahoo ba tla tseba hore ke nna Morena.


Hara dinaha tsohle tse sentsweng, Egepeta ke tla e etsa nanaola e fetang tsohle, mme hara metse e ripitlilweng, metse ya Egepeta e tla ba masupi ka dilemo tse mashome a mane. Ke tla qhalanya Baegepeta hara ditjhaba tse ding, ke ba hasanye hara dinaha disele.


Ka baka lena, Morena Modimo o bua tjena: Naha ya Egepeta ke tla e nea Nebukadenesare, kgosi ya Babilona. O tla hapa matlotlo a yona, a lobele dintho tsa yona, mme tsena e be moputso wa bahlabani ba hae.


“ ‘Ka baka lena, Morena Modimo o bua tjena: Ke tla o bolaya ka sabole, ke bolaye setjhaba sa hao le diphoofolo tsa sona.


Peresiya le Kushe le Pute di tla ba le bona, bohle ba le dithebe le dikatiba tsa tshepe,


E tla ikgapela matlotlo a kgauta le a silefera, le maruo wohle a bohlokwa a Egepeta, mme Balebia le Bakushe ba tla e sebeletsa.


“Le lona Bakushe le tla timetswa, sabole ya Morena e le bolaye.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ